2 Samuele 20:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)2 Kahoo, banna bohle ba Iseraele ba tloha ho Davida, ba latela Sheba, mora Bikri; banna ba Juda ba mpa ba kgomarela morena wa bona, ba tloha le yena Jordane, ba mo isa Jerusalema. Ver CapítuloBIBELE2 Jwale banna bohle ba Iseraele ba fetohela Davida, mme ba latela Sheba, mora wa Bikiri, empa banna ba morabe wa Juda bona ba kgomarela kgosi Davida, ho tloha Jorodane, ho ya fihla Jerusalema. Ver Capítulo |
Davida a fihla tlung ya hae Jerusalema; morena a nka basadi ba leshome ba direthe, bao a neng a ba siile ho mo lebella ntlo, a ba bea moo ba bolokwang teng, a nna a ba fepa, a mpa a se ke a hlola a kena ho bona; ba nna ba dula ba kwaletswe, ba phela ba mokgwa wa bahlolohadi, ho isa tsatsing la ho shwa ha bona.