Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 2:27 - BIBELE

27 Joabe a re: “Ke hlapanya ka Modimo ya phelang, hojane wa se ke wa bua, monna e mong le e mong o ne a ke ke a tlohela ho ngwanyamisa ngwanabo ho fihlela ha bo esa.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Joabe a re: Ka Modimo o utlwang, hojane o sa ka wa bua jwalo, e mong le e mong wa batho ba ka o ba a ke ke a lesa ho phallela ngwanabo ho fihlela hosasa!

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 2:27
11 Referencias Cruzadas  

Abinere a re ho Joabe. “Ere bahlankana ba eme, ba lwane, re bone ba tla hlola.” Joabe a re: “Ho lokile!”


Jwale Abinere a howeletsa Joabe, a re: “Le rata ha sabole e ntse e bolaya hoyahoile? Ha o tsebe hore qetellong hoo ho tla tswala disuwa? O tla laela banna neneng, hore ba tlohele ho nna ba ngwanyamisa bana babo bona?”


Yaba Joabe o letsa lenaka, mme batho bohle ba ema tlekelele! Ba se ke ba hlola ba phaladisa Baiseraele, mme ba se ke ba hlola ba ba lwantsha.


“Ka Modimo ya phelang, ya nkamohileng toka, ka Ya Matla wohle, mohlokofatsi wa moya wa ka;


Ya arabang ka boikokobetso o tima kgalefo, empa polelo e kgahlapetsang e baka bohale.


Qabang e qala jwaloka metsi a faposwa mosele, wena e kwekwetle e eso ka e kekela.


Rala merero ya hao ka ho batla keletso, ntwa o e lwane o se o fumane keletso.


Se potlakele ho isa motho ka kgotla, esere mohaeno a o tlontlolla, wa qetella o se na seo o ka se etsang.


“Yaba wena o re: ‘Ke tla nne ke be mofumahadi, ke be yena kamehla yohle!’ Empa tsena ha wa ka wa di nahana, kapa wa hopola pheletso ya tsona.


“Jwale he, monga ka, Morena o o thibetse ho tsholla madi, le ho hlatsa bohale ba hao, ka ho iphetetsa ka letsoho la hao. Ka baka leo, ke hlapanya ka Modimo ya phelang, le ka wena, hore dira tsa hao, le ba o lakaletsang bobe ba tla ba jwaloka Nabale.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos