Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 2:26 - BIBELE

26 Jwale Abinere a howeletsa Joabe, a re: “Le rata ha sabole e ntse e bolaya hoyahoile? Ha o tsebe hore qetellong hoo ho tla tswala disuwa? O tla laela banna neneng, hore ba tlohele ho nna ba ngwanyamisa bana babo bona?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ebile Abnere o howeletsa Joabe, a re: Na lerumo le tla nne le je ka ho sa feleng na? Na ha o tsebe hobane qetellong ho tla baba na? Ke neng o tla bolella batho ba hao hore ba lese ho phallela banababo bona?

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 2:26
17 Referencias Cruzadas  

Davida a re ho leqosa: “O tle o re ho Joabe: ‘Ntho ena e se ke ya ba ya o tshwenya, hobane sabole e nne e etse tse tjena. Tiisang matla, le futuhele motse ono, le o ripitle.’ Wena o mo kgothatse jwalo.”


Abinere a re ho Joabe. “Ere bahlankana ba eme, ba lwane, re bone ba tla hlola.” Joabe a re: “Ho lokile!”


Motho ka mong a menyana le wa hae, ba tshwarana ka dihlooho, ba hlabana ka disabole dikgopong, yaba ba wela fatshe kaofela, ba a shwa. Ke ka baka leo sebaka seo se Gibeone se ileng sa rewa lebitso la Lebala la Disabole.


Bana ba Benjamine ba kgobokana ho Abinere, ya eba sehlopha se le seng, ba ema hodima leralla le leng.


Joabe a re: “Ke hlapanya ka Modimo ya phelang, hojane wa se ke wa bua, monna e mong le e mong o ne a ke ke a tlohela ho ngwanyamisa ngwanabo ho fihlela ha bo esa.”


“Ho shwahla ha hao ho tla kgaotsa neng? Imamele pele, re ntano buisana!


“Ebe le tla nlhokofatsa halelele hakae, le ntshithabetse ka dipolelo ho fihlela neng?


Oho, Modimo, mosireletsi wa ditokelo tsa ka, ako nkarabe ha ke ipiletsa ho wena. O ntokolotse matshwenyehong a ka; nkgauhele, o mamele thapelo ya ka.


Qabang e qala jwaloka metsi a faposwa mosele, wena e kwekwetle e eso ka e kekela.


haeba le ikganela, le bile le mphetohela, le tla bolawa ka sabole,” ho rialo Morena.


Maralla wohle a lehwatateng a nyeunya basenyi, hobane sabole ya Morena e tla timetsa tsohle, e timetse dipheletso tsohle tsa lefatshe, ha ho le ya mong ya tla phela ka kgotso.


“Ke otlile bara ba lona, empa thuso ha e yo; kgalemelo ya ka ba hanne ho e mamela; sabole tsa lona di jele baporofeta ba lona, tsa ba ja sa tau e harolakang.


Ke tla bona mokgele ho fihlela neng, ke utlwe modumo wa lenaka ho fihlela neng?


Lena ke tsatsi la Morena, Modimo wa mabotho, tsatsi la boiphetetso, ho dira tsa hae; sabole e tla bolaya ho fihlela madi a kganathetse, e bolaye ho fihlela madi a e tahile. Morena Modimo wa mabotho, o tla etsa sehlabelo, a se etse naheng e ka leboya ho Euferatese.


“Bolelang tsena Egepeta, le di phatlalatse Migedole, le di phatlalatse le Nofa le Tahepanehese, le di bolele, le re: Emang le tiile, le itokisitse, hobane sabole e tla bolaya ba le potapotileng.


Sabole e tla tsekema hara metse ya bona, e robe mekwallo ya dikgoro tsa bona, merero ya bona yohle e e nyopise.


Ka letsatsi le hlahlamang, a fumana ba bang ba lwana, a leka ho ba boelanya hore ba etse kgotso, a re: ‘Banna, le bana ba motho; le etsetsanang hampe?’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos