Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 12:8 - BIBELE

8 Ke o neile moradi wa monga hao, le basadi ba monga hao ke o neile bona. Ke o neile mmuso wa Iseraele, le mmuso wa Juda. Hoja tseo di ne di fokola, nkabe ke o ekeleditse le ho feta moo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ka ba ka o nea le ntlo ya morena wa hao, le basadi ba monga hao sefubeng sa hao, ka o nea le ntlo ya Iseraele le Juda; le hojane wa re, hona ho honyenyane, nka be ke o ekeleditse ka hore le ka hore.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 12:8
11 Referencias Cruzadas  

“Morena o bua tjena: ‘Bona, ke tla o hlahisetsa bobe kahare ho ntlo ya hao. Ke tla nka basadi ba hao moo o ntseng o bona, ke ba nee ya ahisaneng le wena, mme eo o tla robala le bona letsatsi le tjhabile.


Morui o ne a ena le mehlapehlape ya dikgutshwane le ya dikgomo;


Banna ba Juda ba fihla hona moo, ba tlotsa Davida hore e be kgosi ya morabe wa Juda. Ha tsebiswa Davida, ha thwe: “Banna ba Jabeshe-Gileade ke bona ba epetseng Saule.”


A busa morabe wa Juda ka dilemo tse supileng le dikgwedi tse tsheletseng a ntse a le Heborone, mme a busa Iseraele yohle le Juda yohle ka dilemo tse mashome a mararo a metso e meraro a le Jerusalema.


Oho, Morena, ho a bonahala hore ho wena tsena e ne e sa le dinyane, hobane o boetse o buile ka seo o se reretseng lelapa la mohlanka wa hao nako e sa le hole. Oho, Morena Modimo, le tsena o di tsebisitse mothwana ya kang nna!


Davida a re ho yena: “O se ke wa tshaba, hobane ruri ke tla o etsetsa molemo ka baka la ntatao Jonathane. Ke tla o buseletsa naha yohle ya ntataomoholo Saule, mme ke tla o fepa kamehla.”


Kgosi Solomone a araba, a re ho mmae: “Ke ka lebaka lang o kopang hore Adoniya a newe Abishake wa Moshuneme? Hoja wa hla wa mo kopela le wona mmuso, hobane ke moholwane wa ka; e bile le moprista Abiatare, le Joabe, mora wa Seruya, ke ba lehlakore la hae.”


Letsatsi le le leng le hlolwang mabaleng a hao, le molemo ho feta a sekete a hlolwang hosele. Ke rata ho ba monyako wa ntlo ya Modimo wa ka, ho ena le ho phela metlotlwaneng ya ba kgopo.


Empa wena Morena, o Modimo o na le kutlwelobohloko le mosa, o dieha ho halefa, o tletse mohau le botshepehi.


Ha e le moo a sa ka a qenehela Mora wa hae ka sebele, a mpa a mo neetse lefu ka baka la rona bohle, na a ke ke a re nea dintho tsohle hammoho le yena na?


Jwale ke hobaneng o sa kang wa mamela lentswe la Morena, yaba o se o wela kgapo ka mahlo a matsho, mme wa etsa ho hobe mahlong a Morena?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos