Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 12:7 - BIBELE

7 Nathane a re ho Davida: “Monna eo ke wena. Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ke o tlotseditse hore o be kgosi ya Iseraele, ke o lopolotse matsohong a Saule.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Nathane a re ho Davida: Motho eo ke wena! Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Nkile ka o tlotsa hore o be morena wa Iseraele, ke bile ke o namoletse matsohong a Saule.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 12:7
22 Referencias Cruzadas  

Mosadi enwa a re: “Ke ka lebaka lang ha o hopolela setjhaba sa Modimo ntho e tjee? Leha kgosi e bua mantswe ana, kgosi e a itswa, hobane ha e eso ka e lata mora wa yona ya phaphathehileng.


Mohla Morena a namoletseng Davida matsohong a dira tsa hae, le matsohong a Saule, Davida a binela Morena sefela sena,


ya nnamolelang direng tsa ka, ya mphahamisetsang kahodimo, kahodimo ho ba ntwantshang, o nnamolela diatleng tsa ba sehloho.


“Ka baka lena, o tle o bolelle mohlanka wa ka Davida, o re Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ke ne ke o late motebong, moo o neng o disa dinku teng hore o tlo ba mmusi wa setjhaba sa ka sa Baiseraele.


Tsamaya, o yo bolella Jeroboame, o re: ‘Morena Modimo wa Iseraele, o re: Ke o phahamisitse hara setjhaba, mme ka o etsa kgosi ya setjhaba sa ka sa Iseraele.


Elia a mo araba, a re: “Ha ke eso hlorise Iseraele, empa ke wena le ba lelapa leno ba hlorisang Iseraele, hobane le furaletse melao ya Morena, mme wena o sebeletsa bo-Baale.


Ha mohlanka wa hao a ntse a tshwere ka mona le ka mane, monna eo a nyamela.” Kgosi ya Iseraele ya re ho yena: “Kahlolo ya hao e tla ba yona eo. Ke wena ya itheretseng yona.”


Moporofeta eo a re ho kgosi: “Morena o bua tjena: ‘Kahobane o lokolotse motho eo ke neng ke rerile hore a timetswe, o tla bolawa bakeng sa hae; le setjhaba sa hao se bolawe bakeng sa setjhaba sa hae.’ ”


Sa motsamaisi wa dibini. Sefela sa Davida, mohlanka wa Morena, seo a neng a se binele Morena, mohla Morena a mo namoletseng matsohong a dira tsa hae, le matsohong a Saule,


Yaba moporofeta Jeremia o bua mantswe ana wohle ho Sedekiya, kgosi ya Juda, a le Jerusalema.


“Oho, kgosi, sefate seo ke wena! O ile wa hola, wa matlafala. Boholo ba hao bo hodile hoo bo fihlang marung, le puso ya hao e fihla dipheletsong tsa lefatshe.


Ha Jesu a etswa sekepeng, a bona letshwelehadi, a utlwela batho bohloko, mme a fodisa bakudi ba bona.


Yaba Samuele o re ho Saule: “O sebeditse ka bothoto. Ha o a ka wa boloka molao wa Morena Modimo wa hao, oo a o laetseng wona. Hoja o entse jwalo, Morena a ka be a hlomamisitse mmuso wa hao, hore e be wa kamehla yohle.


Samuele a re: “Ha ke re o hlooho ya merabe ya Iseraele, le hoja wena o itadima o le e monyenyane? Morena o o tlotsitse hore o be kgosi ya Iseraele.


Samuele a nka lenaka la ole, mme a mo tlotsa bana babo ba ntse ba le teng. Ho tloha ka letsatsi leo, ho ya pele, Moya wa Morena wa theohela hodima Davida ka matla. Yaba Samuele o a tsamaya, o boela Rama.


Saule a betsa lerumo, hobane o ne a re: “Ke tla hlabella Davida leboteng.” Empa Davida a qoba lerumo leo habedi.


Saule a re: “Ke tla mo nea Mikale, hore e tle e be leraba ho yena, Bafilesita ba tle ba mmolaye.” Saule a re ho Davida: “Kajeno lena, o tla ba mokgwenyana wa ka, ka baka la moradi wa ka wa bobedi.”


Davida a phela diqhobosheaneng tse lehwatateng, le naheng e maralla e pela Sife. Saule a mo tsoma ka matsatsi wohle, empa Modimo ha a a ka a neelana ka Davida matsohong a hae.


Saule a tsebiswa hore Davida o fihlile Keila. Yaba Saule o re: “Modimo o neelane ka Davida matsohong a ka, hobane o ikentse lerabeng ka ho kena motseng o nang le dikgoro, le mekwallo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos