Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 10:8 - BIBELE

8 Baamone ba tswa, ba thea theko ya ntwa kgorong ya motse. Baarame ba tswang Soba, le ba tswang Rehobe, le banna ba tswang Tobe le Maaka, bona ba ne ba le naheng ba le bang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Jwale, bana ba Ammone ba tswa, ba hlopholla ntwa pela kgoro ya motse; Basiria ba Tsoba le ba Rehobe, le ba Tobe, le ba Maaka, ba dula tulong tsa bona naheng.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 10:8
13 Referencias Cruzadas  

Ha Baamone ba bona hore ba kgopisitse Davida, ba ya hira Baarame ba ahileng Bete-Rehobe, le ba ahileng Soba. E ne e le banna ba ditaaso ba dikete tse mashome a mabedi. Kgosi ya Maaka yona e ne e ena le banna ba sekete, ha banna ba Tobe bona ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi.


Ha Davida a utlwa taba ena, a romela Joabe le lebotho lohle la bahlabani.


Ha Joabe a bona hore ba direng ba mo hlahile kapele le kamorao, a kgetha mokgetho hara bahale bohle ba Baiseraele, a o emisa ka theko, wa thulana le Baarame.


le Elefelede, mora wa Ahasebai wa Maaka, le Eliame, mora wa Ahitofele wa Gilo,


E ne e ile yare ha Davida a hlola Hadade-Esere, Resone a bokella banna, mme ya eba yena molaodi wa sehlopha sena. Bo-Resone ba ikela Damaseka, ba haha teng, mme Resone ya eba kgosi ya Damaseka.


Ba hira dikariki tsa ntwa tse dikete tse mashome a mararo a metso e mmedi; ba hira le kgosi ya Maaka le bahlabani ba yona, mme bona ba tla, ba fihla ba hloma diahelo tsa bona haufi le Medeba. Baamone ba phutheha metseng ya bona, ba itokisetsa ho lwana.


Baamone ba tswa, ba thea theko ya ntwa kapele ho kgoro ya motse. Dikgosi tse neng di tlile ho tla thusetsa, di ne di le naheng, di le ding.


yaba ba tla ho Gedaleya, motseng wa Misepa, e le bo-Ishemaele, mora wa Netaniya, le Johanane le Jonathane, bara ba Karea, le Seraya, mora wa Tanehumete, le bara ba Efai ya tswang Netofa, le Jesaniya, mora wa Maaka, ba ena le bahlabani ba bona.


Banna bao ba nyoloha, ba hlwela naha ho tloha lehwatateng la Sine ho ya fihla Rehobe, le ho ya fihla Kgorong ya Hamate.


O ye Eberone, le Rehobe, le Hamone, le Kana, ho ya fihla Sidone e Kgolo.


Ba morabe wa Ashere le bona ba se ke ba leleka baahi ba Ako, le baahi ba Sidone, le ba Ahalaba, le ba Akasibe, le ba Heleba, le ba Afike, le ba Rehobe.


Jafeta a baleha, a tloha ho bana babo, a ya aha naheng ya Tobe. Ha a le moo a bokanya banna ba dinokwane, mme ba tsamaya le yena.


E ile yare ha hona ho etsahala, baholo ba Gileade ba ya lata Jafeta naheng ya Tobe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos