Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 10:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Jwale, bana ba Ammone ba tswa, ba hlopholla ntwa pela kgoro ya motse; Basiria ba Tsoba le ba Rehobe, le ba Tobe, le ba Maaka, ba dula tulong tsa bona naheng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Baamone ba tswa, ba thea theko ya ntwa kgorong ya motse. Baarame ba tswang Soba, le ba tswang Rehobe, le banna ba tswang Tobe le Maaka, bona ba ne ba le naheng ba le bang.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 10:8
13 Referencias Cruzadas  

Bana ba Ammone ba bona hobane ba ikentse ba nkgang hampe ho Davida; yaba bana ba Ammone ba romela ho mema Basiria ba Bethe-Rehobe, le Basiria ba Tsoba, e le batho ba mashome a mabedi a dikete ba maoto, ba morena wa Maaka e le ba sekete se le seng, le ba Tobe e le ba dikete tse leshome le metso e mmedi.


Davida ha a utlwa, a roma Joabe le sera sohle sa banna ba ntwa.


Joabe ha a bona hobane ntwa e ya mo tlela, e nngwe e le kapele, e nngwe e le kamorao, a kgetha mokgetho wohle wa Iseraele, a ba lokisa hore ba kopanye ntwa le Basiria.


le Elifelethe, mora Akasbai, mora Momaakathe; le Eliame, mora Akitofele, wa Gilo;


A ya, a ipokellela banna, a ipea monga letshwele; ke mohla Davida a hlotseng Basiria. Ba ntoo ya Damaseka, ba dula teng, ba busa Damaseka.


Ba adima makoloi a dikete tse mashome a mararo a metso e mmedi; le yena morena wa Maaka le setjhaba sohle sa hae ba tla, ba emisa pela Medeba. Bana ba Ammone ba phutheha metseng ya bona, mme ba tloha ho ya ntweng.


Bana ba Ammone ba tswa, ba hlopholla ntwa pela kgoro ya motse; haele marena a tlileng, a ema thoko naheng, sebakeng sa wona.


ba tla ho Gedalia, Mitspe, e le Ishmaele, mora Nethania, le Johanane, le Jonathane, bara ba Karea, le Seraia, mora Thanhumethe, le bara ba Efai, wa Nethofa, le Jesania, mora Momaakate, ba ena le batho ba bona.


Yaba ba ya, mme ba hlwela naha ho tloha lefeelleng la Tsine ho isa Rehobe, tseleng ya Hamathe.


le Ebrone, le Rehobe, le Hammone, le Kana, ho isa Sidone e moholo.


Asere, ha a ka a leleka ba ahileng Akko, leha e le ba ahileng Sidone, le Aklabe, le Aksibe, le Helba, le Afike, le Rehobe.


Yaba Jafeta o baleha ke ho tshaba banababo, a ya aha naheng ya Tobe; banna ba lefeela ba phuthehela ho yena, mme ba nna ba futuha le yena.


Bana ba Ammone ba re ba sa futuhetse Baiseraele, baholo ba Gileade ba ya lata Jafeta naheng ya Tobe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos