Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 7:11 - BIBELE

11 Bonang, ho swaba hona ho yang kamoo Modimo a ratang kateng, ho le hlahiseditse thahasello e kaakang, le boitshireletso, le kgalefo, le tshabo, le tlholohelo, le tjheseho, le ho ahlola ya molato! Ka mekgwa yohle le bontshitse kamoo le hlokang molato kateng tabeng ena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Bonang he, ha le swabile jwalo ka mokgwa o ratwang ke Modimo, e bile taba e hlahisitseng mafolofolo a makakang ka ho lona, le boitlhatsuo bo bokakang, le hlonamo e kakang, le tshoho e kakang, le takatso e kakang, le tjheseho e kakang, le tayo e kakang! Le bonahaditse ka tsohle hoba le ne le se na molato tabeng eo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Hobane bonang, taba eo le ile la hlomoha ka yona ka mokgwa wa bomodimo, e ne e le tshwenyeho e kakang ho lona, e, boitlhaloso bo kakang, e, kgalefo e kakang, e, tshabo e kakang, e, takatso e matla, e, tjheseho e kakang, e, boiphetetso bo bo kakang! Dinthong tsohle le ipontshitse hore ha le a hlaka tabeng ena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Hobane bonang, taba eo le ile la hlomoha ka yona ka mokgwa wa bomodimo, e ne e le tshwenyeho e kakang ho lona, e, boitlhaloso bo kakang, e, kgalefo e kakang, e, tshabo e kakang, e, takatso e matla, e, tjheseho e kakang, e, boiphetetso bo bo kakang! Dinthong tsohle le ipontshitse hore ha le a hlaka tabeng ena.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 7:11
54 Referencias Cruzadas  

Ka ba kgalemela, ka ba nea thohako, ka ba ka otla ba bang ba bona, ka ba hlotha moriri. Ka re ba hlapanye ka lebitso la Modimo, ba re: “Re ke ke ra nyallana le baditjhaba.


Ka baka lena, ke swabela polelo tsa ka, ke ikwahlaya ke le leroleng, ke le moloreng.”


Tjheseho ya ka e a nqeta, hobane ba ntlhoileng ba lebala mantswe a hao.


Moya wa ka o lebeletse Morena, ho feta balebedi ba lebeletseng meso, e, ho feta balebedi ba lebeletseng meso.


O phetha ditakatso tsa ba mo tshabang, o utlwa sello sa bona, mme o a ba pholosa.


Sebeletsang Morena ka tshabo, le itihele maotong a hae ka thothomelo.


Empa ha ba ne ba kula, nna ke ile ka apara tse mahwashe, ka itlhokofatsa ka ho itima dijo, ka ba rapella ke sa kgaotse,


Ke a fokola, ke robehile ditho, ke dumaela ka baka la ho hlora ha pelo ya ka.


Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


Ke fetohile moditjhaba ho bana beso, ke se ke le ya sa tsejweng ke baeso.


Motho ya bohlale o tshaba bobe, o a bo ila, empa sethoto se a tlatselela, se a itshepa.


Ho lehlohonolo motho ya tshabang Morena kamehla, empa ya ithatafatsang pelo o tla wela tsietsing.


Mpee fubeng sa hao jwaloka setempe, jwaloka lesekana nthwale tsohong la hao, hoba matla a lerato a tshwana le a lefu, sehloho sa lefufa se tshwana le sa lebitla. Lerato le tuka sa kganare e tlola ditlhase, jwaloka tetema e laima malakabe!


Oho, Morena, re o emetse, re tsamaya tseleng ya dikahlolo tsa hao; lebitso la hao le botumo ba hao ke tsona tseo re di labalabelang.


Ntho tsena tsohle di entswe ke nna, ka di etsa, mme jwale di teng,” ho rialo Morena. “Ya tjena ke yena eo ke mo ratang: Ya ikokobeditseng, ya moya o robehileng, ya thothomelang ha a utlwa lentswe la ka.


Ha kgosi e utlwa taba ena ya hlabeha haholo, mme ya nahana kamoo e ka pholosang Daniele kateng; letsatsi la ba la dikela e ntse e nahana kamoo e ka mo pholosang kateng.


A ba ya ka mahlo a halefile, a utlwisitswe bohloko ke bothata ba dipelo tsa bona, a re ho motho eo: “Otlolla letsoho!” A le otlolla, mme letsoho la hae la fola.


Barutuwa ba hae ba hopola hore ho ngotswe, ho thwe: “Ho tjhesehela ntlo ya hao ho ntjele.”


Paulosi ha a ntse a emetse Silase le Timothea, Athene, a fela pelo ha a bona hore motseng ho tletse ditshwantsho tsa medimo ya bohata.


E, ho jwalo. A kgaotswe ka baka la ho se dumele, athe wena o hlomathetse ka baka la tumelo. O se ke wa ikakasa, o mpe o tshabe,


Ya sebeletsang Kreste ka tsena o kgahlisa Modimo, mme o hlomphuwa ke batho.


Empa ha ho se loke ha rona ho totobatsa ho loka ha Modimo, re tla reng? Na Modimo ha a na toka ha a re otla? Ke bua ka mokgwa wa batho.


e le hore ho se be twantshano mmeleng, ditho di hlokomelane.


Ha e le ba kantle, ke Modimo ya tla ba ahlola. “Tlosang ya kgopo kahara lona.”


Empa le a ikgohomosa, athe le ne le tshwanetse ho itshwabela, mme ya entseng ketso ena ebe o tlositswe hara lona.


Jwale re le rapella ho Modimo hore le sesefe bobe bohle, e se hore rona re bonahale re le ba amohelehileng, empa e le hore lona le etse botle, leha e ka rona ha re a amoheleha.


Ho lekane hore ebe ya jwalo o etseditswe kotlo ke bongata ba lona.


Empa dinthong tsohle re itshupa hore re basebeletsi ba Modimo, ka ho ba le tiisetso e kgolo matshwenyehong, ditsietsing, ditlallong,


Ha ho le jwalo, baratuwa, kaha re etseditswe ditshepiso tse jwalo, a re itlhwekiseng ditshileng tsohle tsa nama le tsa moya, ka ho phethahatsa kgalaletso ya rona, re ntse re tshaba Modimo.


e seng ka ho tla ha hae feela, empa le ka kgothatso eo a e fumaneng ho lona. O re boleletse kamoo le re hlolohetsweng kateng, kamoo le swabileng kateng, le kamoo le re tjhesehelang kateng. Kahoo ke thabile ka ho fetisisa,


Empa jwale ke thabile, e seng kahobane ke ile ka le swabisa, empa e le hobane maswabi a lona a ile a etsa hore le bake. Le ile la swaba ka mokgwa oo Modimo a o ratang; ka baka leo, seo re se entseng ha se a le senyetsa letho.


Ke tseba hore le thahasella ho thusa, mme ke ithorisitse ka hona ho ba Masedonia, ka bolela hore ba Akaya ba se ba itokiseditse ho thusa ho tloha ngwahola. Mafolofolo a lona a phaphamisitse batho ba bangata.


Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile.


Le se ke la ikamahanya le mesebetsi e nyopang ya lefifi, le mpe le e nyatse.


Ka baka leo, baratuwa, le lona le mamele jwaloka kamehla. Etsang jwalo, e seng feela ha ke le teng, empa haholoholo kajeno ha ke le siyo. Sebeletsang pholoho ya lona ka tshabo le ka thothomelo,


Tabeng ena, ho se be ya senyetsang ngwanabo, mme a mo jella ditokelo tsa hae, hobane jwalokaha re se re boletse pele, ra ba ra tiisa, Morena ke yena ya ahlolang tsohle tse jwalo.


Ba entseng sebe o ba kgalemele mahlong a bohle, e le hore ba bang bohle ba tle ba tshabe.


Etsa ka matla ho ba ya amohelehang ho Modimo, mosebeletsi ya ke keng a hlajwa ke dihlong, ya rutang lentswe la nnete ka ho otloloha.


Lena ke lentswe la nnete. Nka rata hore ho tsena o se ke wa thekesela, e le hore bohle ba tshepang Modimo ba ikemisetse ho thahasella mesebetsi e metle. Hona ho hotle, mme ke thuso ho batho.


Kaha re sietswe tshepiso ya ho kena phomolong ya hae, a re tshabeng, esere e mong wa lona a fumanwa a sitilwe ho kena.


Empa bohlale bo tswang hodimo, pele ho tsohle, bo hlwekile; hape bo na le kgotso le mosa, bo bonolo, bo tletse lereko le ditholwana tse molemo; ha bo na leeme, ha bo iketsise.


Haeba le rapela Modimo e le Ntata lona, yena ya ahlolang motho ka mong ka ho ya ka mesebetsi ya hae, a sa ye ka tshobotsi, eka kgona le phele ka tshabo nakong ya bojaki ba lona mona lefatsheng.


Jwaloka masea a sa tswa hlaha, lakatsang lebese le hlwekileng la lentswe la Modimo, e le hore ka lona le tle le hodisetswe pholohong,


le ba pholose ka ho ba tshola mollong. Ba bang bona le ba hauhele, empa le ntse le ena le tshabo; le hloye esita le seaparo se silafaditsweng ke bona.


“Bohle bao ke ba ratang ke a ba kgalemela, mme ke a ba otla. Tjheseha he, mme o bake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos