Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 7:10 - BIBELE

10 Ho swaba ka mokgwa oo Modimo a o ratang ho hlahisa pako e se nang boikwahlayo, e isang pholohong; athe ho swaba ka mokgwa oo lefatshe le o ratang ho tlisa lefu.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Hobane ho swaba ka mokgwa o ratwang ke Modimo ho hlahisa pako e pholosang, e sa bakelweng; empa ho swaba ka mokgwa wa lefatshe ho hlahisa lefu.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Hobane ho swaba ka tsela ya Modimo ho hlahisa pako e isang pholohong, e sa bakeleng;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Hobane ho swaba ka tsela ya Modimo ho hlahisa pako e isang pholohong, e sa bakeleng;

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 7:10
32 Referencias Cruzadas  

Yare ha Ragele a bona hore ha a tswalle Jakobo bana, a honohela ngwanabo, mme a re ho Jakobo: “Mphe bana, ho seng jwalo ke tla shwa!”


Davida a re ho Nathane: “Ke sitetswe Morena.” Yaba Nathane o re ho Davida: “Le Morena o hlakotse sebe sa hao; ha o na ho shwa.


Jonadabe a re ho Amanone: “Ngwana kgosi ya ka, molato keng ha o ntso fella dikobong tjee, ka tsatsi le leng le le leng? Ako mpolelle hle!” Amanone a re ho yena: “Ke rata Tamare, kgaitsedi ya moreso Abosalome.”


Ha Ahitofele a bona hore ha ho uwe ka keletso ya hae, a qhaneha tonki ya hae, a tsamaya, a ipoella tlung ya hae, motseng wa habo. Ha a se a laile ba lelapa la hae, a ikgama, a shwa, mme a epelwa lebitleng la ntatae.


Akabe a kgutlela lapeng ha hae, pelo ya hae e tetebetse, a hloname, ka lebaka la puo eo Nabote wa Mojesereele a e buileng ho yena, hobane o ne a ile a re: “Nke ke ka o nea lefa la bo-ntate.” A ya paqama betheng ya hae, a shebile leboteng, a ikgurumetsa, a hana le ho ja.


Ke lekgatheng la ho wa, ke utlwa bohloko kamehla.


Pelo ha e thabile sefahleho se kganya kgotso, empa ha e hlomohile motho o utlwa bohloko.


Ya tshwenngwang o phela habohloko ka nako tsohle, ya thabileng yena o keteka kamehla.


Pelo e thabileng e tseba ho fodisa, empa moya o hlorileng o tepeletsa mmele.


Ya kulang o matlafatswa ke moya wa hae, moya o hlomohileng o ka phekolwa ke mang?


Maswabi a molemo ho feta ditsheho; pelo e ka thaba fahleho se ntse se swabile.


Ba tla kgutla ba itshela ka dikgapha, ke ba etelle pele, bona ba ntse ba rapela. Ke tla ba tsamaisa pela melatswana e phallang, tseleng e bataletseng, moo ba ke keng ba kgoptjwa, hobane nna ke ntata Iseraele, Efraime ke mora wa ka, mora wa matsibolo.


Bohle ba tla phonyoha ba tla balehela dithabeng, ba kuruetse sa maeba a dikgohlo, motho ka mong a llele dibe tsa hae.


Yare ha Modimo a bona diketso tsa bona, le kamoo ba baketseng bokgopo ba bona kateng, a ba utlwela bohloko, mme a se ke a ba otla jwalokaha a ne a itse o tla ba otla. A fela a se ke a ba otla.


Empa motho a apare tse mahwashe, esita le yona phoofolo. Motho e mong le e mong a ipiletse ka matla ho Modimo, a furalle metsamao ya hae e kgopo le diketso tsa hae tsa dikgoka.


Empa Modimo a botsa Jonase, a re: “Na ke hantle ha o kgenne ka baka la sefate see?” Jonase a mo araba, a re: “E, ke hantle, ebile ke kgenne hoo nka nnang ka shwa.”


Petrose a hopola polelo ya Jesu ha a itse ho yena: “Mokoko o eso lle, o tla be o ntatotse hararo.” A tswela kantle, a lla habohloko.


Ke a le bolella hore, ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e teng hara mangeloi a Modimo.”


“Empa molekgetho a ema hojana, a tshaba le ho tadima lehodimong, a itshwabela, a re: ‘Modimo, ako nkgauhele, nna moetsadibe.’


Yare ha ba utlwa tsena, ba thola. Jwale ba tlotlisa Modimo, ba re: “Efela le baditjhaba Modimo o ba neile pako e isang bophelong.”


Ka baka leo, bakang, le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe,


Hape, esere ha ke fihla, Modimo wa ka a nkokobetsa hara lona, ka tla ka llela ba bangata ba ileng ba etsa sebe ka nako e fetileng, empa ba eso bakele ditshila, le bohlola, le diketso tse manyala tseo ba di entseng.


Empa jwale ke thabile, e seng kahobane ke ile ka le swabisa, empa e le hobane maswabi a lona a ile a etsa hore le bake. Le ile la swaba ka mokgwa oo Modimo a o ratang; ka baka leo, seo re se entseng ha se a le senyetsa letho.


Le a tseba kamoo hamorao, ha a ne a lokela ho newa tlhlohonolofatso, a ileng a lahlwa kateng, hobane o ne a sitwa ho etsolla seo a neng a ile a se etsa, leha a ne a leka ho etsa jwalo ka meokgo.


Davida o ne a tshwenyehile haholo; banna ba ne ba re ba mo tlepetsa ka majwe, hobane dipelo tsa bona di ne di utlwile bohloko, monna ka mong a llela bara ba hae le baradi ba hae. Empa Davida a ikgothatsa ka ho tshepa Morena Modimo wa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos