Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 3:3 - BIBELE

3 Ho pepenene hore lona le lengolo la Kreste, le beilweng matsohong a rona, le ngotsweng ka Moya wa Modimo ya phelang, e seng ka enke; le ngotsweng matlapeng a dipelo tsa nama, e seng matlapeng a lejwe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Le a bonahala hoba le lengolo la Kreste, le lokisitsweng ke tshebetso ya rona, le ngodilweng, e seng ka enke, empa e le ka Moya wa Modimo o phelang; ha le a ngolwa matlapeng a lejwe, empa e le matlapeng a nama, a dipelo tsa lona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Erekaha le bonahaditswe hore le lengolo la Kreste, le ngotsweng ke rona, e seng ka enke, empa e le ka Moya wa Modimo o phelang; e seng matlapeng a lejoe, empa matlapeng a nama a pelo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Erekaha le bonahaditswe hore le lengolo la Kreste, le ngotsweng ke rona, e seng ka enke, empa e le ka Moya wa Modimo o phelang; e seng matlapeng a lejoe, empa matlapeng a nama a pelo.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 3:3
35 Referencias Cruzadas  

Ke moo ke ileng ka re: “Bona, ke a tla. Ho ngotswe ka nna Bukeng ya Molao:


Jwalokaha kgama e labalabela metsi a melatswana, le wona moya wa ka o o labalabela jwalo, o labalabela wena Modimo.


Meaho ya hao e rateha hakaakang, wena Morena wa mabotho!


Morena a re ho Moshe: “Nyolohela ho nna mona, thabeng, mme o dule teng. Ke tla o nea matlapa a lejwe, a ngotsweng Molao, le ditaelo tseo ke di ngotseng, ho ruta Baiseraele.”


Modimo ha a qeta ho bua ho Moshe a le thabeng ya Sinai, a mo nea matlapa a mabedi a ngotsweng Molao, matlapa a ngotsweng ka monwana wa Modimo.


Jwale Moshe a reteleha, a theoha thabeng, matsohong a nkile matlapa a mabedi a ngotsweng Molao. E ne e le matlapa a ngotsweng ka mahlakoreng a mabedi; a ngotswe ka nqena le ka nqane.


Morena a re ho Moshe: “Ipetlele matlapa a mabedi a Molao a tshwanang le a pele. Hodima matlapa ao ke tla ngola mantswe a neng a ngotswe hodima matlapa a pele, ao o a pshatlileng.


Eba le lerato, o be le botshepehi, molaleng wa hao o itlame ka tsona; o di ngole tlapeng la pelo ya hao.


Di tlamelle menwaneng ya hao, o di ngole tlapeng la pelo ya hao.


Empa Morena ke Modimo wa nnete, ke Modimo ya phelang, Kgosi ya kamehla yohle. Ha a halefile fatshe lohle le a reketla, tjhaba di sitwa ho mamella kgalefo ya hae.


“Sebe sa Bajuda se ngotswe ka pene ya tshepe, sa ngolwa pelong tsa bona, sa ngolwa ka daemane e le ntjhotjho, sa ngolwa le manakeng a dialetare tsa bona.


“Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ya Iseraele, hoba matsatsi ao a fete, ke sena,” ho rialo Morena. “Ke tla kenya molao wa ka maikutlong a bona, ke o ngole kahara dipelo tsa bona; ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Ke tla ba nea pelo e le nngwe, ke ba nee le moya o motjha, ke fedise dipelo tsa bona tse thata, ke ba nee dipelo tse ikokobeditseng.


“Ke etsa taelo ya hore dinaheng tsohle tse pusong ya ka, batho ba tshabe, mme ba hlomphe Modimo wa Daniele. “Ke Modimo ya phelang, ya phelang kamehla yohle, mmuso wa hae o ke ke wa timetswa, matla a hae a ke ke a fediswa.


Simone Petrose a araba, a re: “O Kreste, Mora wa Modimo ya phelang.”


Hantlentle Apolosi ke eng? Paulose yena ke eng? Ke basebeletsi feela bao le dumetseng ka baka la bona, ba sebeditseng ho ya kamoo Morena a abetseng e mong le e mong wa bona kateng.


Ke yena ya re fileng matla a ho ba basebeletsi ba selekane se setjha, seo e leng sa Moya, e seng sa Molao o ngotsweng feela. Molao o ngotsweng o a bolaya, athe Moya o a phedisa.


Molao oo tshebeletso ya wona e isang lefung, o ngotsweng ka ditlhaku majweng, o ile wa fanwa ka tlotla, hoo bana ba Iseraele ba neng ba sitwa ho tadima sefahleho sa Moshe, ke baka la tlotla e felang ya sefahleho sa hae.


Ana tempele ya Modimo e ka dumellana ka eng le medimo ya bohata? Rona re tempele ya Modimo ya phelang, jwalokaha Modimo a itse: “Ke tla aha, mme ke phele hara bona, ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Bohle ba boledisa kamoo lona le re amohetseng hantle kateng, le kamoo le ileng la sokolohela ho Modimo kateng. Le ile la lahla medimo ya bohata, e le hore le tle le sebeletse Modimo ya phelang, wa nnete,


“Selekane seo ke tla se etsa le bona ha matsatsi ao a fetile, ho rialo Morena, ke sena: Ke tla kenya molao wa ka maikutlong a bona, kahara dipelo tsa bona.”


Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ya Iseraele, hoba matsatsi ao a fete, ho rialo Morena, ke sena: Ke tla kenya molao wa ka maikutlong a bona, ke o ngole kahara dipelo tsa bona; ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?


Joshua a boela a re: “Ka sena le tla tseba hore Modimo ya phelang o teng kahara lona, le hore o tla leleka kapele ho lona Bakanana, le Bahete, le Bahife, le Baperise, le Bagirigashe, le Baamore, le Bajebuse.


“Ngolla moruti wa kereke e Efese, o re: “Tsena di bolelwa ke ya tshwereng dinaledi tse supileng ka letsohong la hae le letona, ya tsamayang hara didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng,


“Ngolla moruti wa kereke e Peregamose, o re: “Tsena di bolelwa ke ya tshwereng sabole e bohale, e sehang kamahohle,


“Ngolla moruti wa kereke e Thiatira, o re: “Tsena di bolelwa ke Mora wa Modimo, eo mahlo a hae a kang malakabe a mollo, le maoto a hae a benyang jwaloka lethose,


“Ngolla moruti wa kereke e Semirna, o re: “Tsena di bolelwa ke eo e leng Wa Pele le Wa ho Qetela, ya ileng a shwa, a boela a phela,


“Ngolla moruti wa kereke e Saredeise, o re: “Tsena di bolelwa ke ya nang le meya e supileng ya Modimo, le dinaledi tse supileng, o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le hore o tumme ka hore o a phela, athe o shwele.


“Ngolla moruti wa kereke e Laodisea, o re: “Tsena di bolelwa ke Amen, eo e leng paki e tshepahalang, ya nnete, mohlodi wa tsohle tse bopilweng ke Modimo,


“Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke.”


“Ngolla moruti wa kereke e Filadelfia, o re: “Tsena di bolelwa ke Ya Halalelang, ya nang le nnete, ya tshwereng senotlolo sa Davida, ha a butse, ha ho ya tla kwala, ha a kwetse, ha ho ya tla bula;


Davida a bua ho banna ba neng ba eme pela hae, a re: “Monna ya ka bolayang Mofilesita eo, mme a tlosa sekgobo hara Baiseraele, o tla putswa kang? Mofilesita eo wa leqai yena ke mang, a ka tlakang mabotho a Modimo ya phelang?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos