Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 2:1 - BIBELE

1 Yaba ke rera hore nke ke ka boela ka le etela ho tla le swabisa,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Mme ke itaile hore nke ke ka boela ho lona ka maswabi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Empa ke ikemiseditse hoba ke se ke ka boela ke tla ho lona ke tsielehile.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Empa ke ikemiseditse hoba ke se ke ka boela ke tla ho lona ke tsielehile.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 2:1
13 Referencias Cruzadas  

Yaba barutuwa ba rera ho romela dithuso ho badumedi ba ahileng Judea, ho ya kamoo e mong le e mong wa bona a ka kgonang kateng.


Hoba Paulosi le Baranabase ba be le phapang le kgang e kgolo le bona, ha rerwa hore Paulosi le Baranabase le ba bang ba bona ba nyolohele Jerusalema ho baapostola le baholo ka taba ena.


Jwale Baranabase o ne a lakatsa hore ba ye le Johanne ya bitswang Mareka,


Ha ke ne ke ena le lona, ke ne ke ikemiseditse ho lebala tsohle, haese tsa Jesu Kreste feela, yena ya thakgisitsweng.


Jwale le ikgethelang? Hore ke tle ho lona ka thupa, kapa ka lerato le ka mosa?


Ha e le nna, leha ke le siyo hara lona ka nama, ke teng ka moya. Jwaloka hoja ke teng, ya entseng ketso e jwalo ke se ke mo ahlotse


Ke ikana ka bophelo ba ka! Modimo a ka mpakela hore e ne e le ka ho le qenehela, ha ke sa ka ka kgutlela Korinthe.


Ka baka leo, ke le ngolla tsena ke eso tle, e le hore ha ke se ke tlile, ke se ke ka le hlekefetsa, ho ya ka matla ao Morena a mphileng wona, e leng a ho haha, e seng a ho heletsa.


Ke ile ka le ngolla ka maikutlo a tshwenyehileng, le ka pelo e tsielehileng, le ka meokgo e keleketlang. E ne e se ho le swabisa, empa e ne e le hore le tle le tsebe boholo ba lerato leo ke le ratang ka lona.


Ha ke romela Aretemase kapa Tikikose ho wena, o potlakele ho tla ho nna mona, Nikopolese, hobane ke hopotse ho qeta mariha teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos