Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Bakorinthe 1:24 - BIBELE

24 Ditabeng tsa tumelo ya lona, re batla ho sebedisana le lona ka mokgwa o le thabisang, e seng ho le qobella; etswe le se le eme le tiile tumelong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 e seng hore re na le puso hodima tumelo ya lona, empa re le sebedisa tse le thabisang, hobane efela le eme ka tumelo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

24 Eseng hore re rena hodima tumelo ya lona, empa re le bathusi ba thabo ya lona, hobane le eme ka tumelo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Eseng hore re rena hodima tumelo ya lona, empa re le bathusi ba thabo ya lona, hobane le eme ka tumelo.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 1:24
16 Referencias Cruzadas  

ebe o qala ho otla balekane ba hae ba bohlanka, mme a je, a nwe le matahwa.


Hona ke ho re, ha ke le ho lona, re kgothatsane ka tumelo ya rona bohle, nna ka tumelo ya lona, le lona ka ya ka.


E, ho jwalo. A kgaotswe ka baka la ho se dumele, athe wena o hlomathetse ka baka la tumelo. O se ke wa ikakasa, o mpe o tshabe,


Ke ka yena re bileng le hona ho amohelwa ka baka la tumelo mohaung ona oo re leng ho wona, mme re motlotlo ka ho ba le tshepo ya ho abelwa tlotla ya Modimo.


Jwale, bana beso, ke le hopotsa molaetsa o molemo oo ke le boleletseng wona, oo le o amohetseng, oo le tiileng ho wona,


Hantlentle Apolosi ke eng? Paulose yena ke eng? Ke basebeletsi feela bao le dumetseng ka baka la bona, ba sebeditseng ho ya kamoo Morena a abetseng e mong le e mong wa bona kateng.


hobane le mamella motho ha a le etsa makgoba, ha a le ja, kapa ha a le qhekella, kapa a ikgohomosetsa lona, kapa a le wahlela sefahlehong.


Ha re ipoledise, re mpa re bolela hore Jesu Kreste ke Morena, le hore rona re basebeletsi ba lona ka baka la Jesu.


Re phela ka tumelo, e seng ka ho mmona.


Ba beilweng tlhokomelong ya lona, le se ke la ba busa ka thata, le mpe le be mohlala ho mohlape wa lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos