Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 12:6 - BIBELE

6 Leha nka rata ho ithorisa, ke tla be ke se sethoto, hobane ke tla be ke bua nnete. Empa ha ke etse jwalo, esere e mong a nkuka ke feta seo a se bonang ho nna, kapa a se utlwang ka nna.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Athe, leha nka ithorisa, e ke ke ya ba ke etsa ka bowatla, hobane seo ke se bolelang, ke nnete; empa tseo ke a di lesa, motho a tle a se ke a mpea boholo bo fetisang seo a mponang ke le sona, leha e le seo a nkutlwang ke bolelwa ka sona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Hobane leha nka rata ho ithorisa, nke ke ka ba lewatla; hobane ke tla bua nnete, empa jwale ke a lesa, esere mohlomong e mong a ka nkgopola ka ho fetisa seo a mponang ke le sona, kapa seo a nkutlwang ke le sona ho nna.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Hobane leha nka rata ho ithorisa, nke ke ka ba lewatla; hobane ke tla bua nnete, empa jwale ke a lesa, esere mohlomong e mong a ka nkgopola ka ho fetisa seo a mponang ke le sona, kapa seo a nkutlwang ke le sona ho nna.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 12:6
12 Referencias Cruzadas  

“Haeba ho se jwalo, nka shanofatswa ke mang? Ke mang ya ka reng polelo tsa ka ke tsa bosawana?”


Ka Kreste, ke bua nnete, ha ke bue leshano; le letswalo la ka le buswang ke Moya o Halalelang, le a mpakela


Hantlentle Apolosi ke eng? Paulose yena ke eng? Ke basebeletsi feela bao le dumetseng ka baka la bona, ba sebeditseng ho ya kamoo Morena a abetseng e mong le e mong wa bona kateng.


Ka nnete ya Modimo, puo ya ka ho lona hase “e” le “tjhe” ka nako e le nngwe,


Ke sa bua hape, ke re: Ho se be ya hopolang hore ke sethoto. Empa haeba ho jwalo, nkukeng ke le sethoto he, e le hore ke tle ke be le boithorisonyana!


Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ya bokwang kamehla yohle, o a tseba hore ha ke bue leshano.


Ke fetohile sethoto, hobane ke lona ba ntlamileng ho ba jwalo. Ke ne ke lokela ho pakwa ke lona, etswe leha ke se letho, baapostolahadi bao ha ba mphete ka letho.


Hore ke se tshohe ke ikgantsha ka baka la boholo ba tseo ke di senolotsweng, ke hlabilwe ka moutlwa mmeleng, e leng moromuwa wa Satane, hore a nne a ntjabele, esere ka ikgantsha.


Haeba re sa nke hantle ke ka baka la Modimo; haeba re nka hantle, ke ka baka la lona.


Haeba ke ile ka ithorisa ka ho hong ho yena ka lona, ha ke hlajwe ke dihlong. Kamehla re buile nnete ho lona; ka mokgwa o jwalo, le boithoriso ba rona ho Tite e bile ba nnete.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos