Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 12:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Athe, leha nka ithorisa, e ke ke ya ba ke etsa ka bowatla, hobane seo ke se bolelang, ke nnete; empa tseo ke a di lesa, motho a tle a se ke a mpea boholo bo fetisang seo a mponang ke le sona, leha e le seo a nkutlwang ke bolelwa ka sona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Leha nka rata ho ithorisa, ke tla be ke se sethoto, hobane ke tla be ke bua nnete. Empa ha ke etse jwalo, esere e mong a nkuka ke feta seo a se bonang ho nna, kapa a se utlwang ka nna.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Hobane leha nka rata ho ithorisa, nke ke ka ba lewatla; hobane ke tla bua nnete, empa jwale ke a lesa, esere mohlomong e mong a ka nkgopola ka ho fetisa seo a mponang ke le sona, kapa seo a nkutlwang ke le sona ho nna.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Hobane leha nka rata ho ithorisa, nke ke ka ba lewatla; hobane ke tla bua nnete, empa jwale ke a lesa, esere mohlomong e mong a ka nkgopola ka ho fetisa seo a mponang ke le sona, kapa seo a nkutlwang ke le sona ho nna.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 12:6
12 Referencias Cruzadas  

Ha ekaba ha ho jwalo, ke mang ya ka mpontshang ha ke le leshano, mme polelo ya ka e tla etswa lefeela ke mang?


Ke bolela nnete pela Kreste, ha ke etse leshano, letswalo la ka le emelana le nna ka Moya o Halalelang,


Pauluse ke mang na? Le Apolose ke mang na? Ke bahlanka bao le dumetseng ka bona, kamoo e mong le e mong a filweng kateng, ke Morena.


Tjhe, empa jwalokaha Modimo e le wa nnete, polelo ya rona ho lona ha e a ka ya fetoha hore e be e le tjhe.


Ke a pheta, ke re: Motho a se ke a bolela hore ke lewatla; leha ho se jwalo, nkamoheleng, leha ke le lewatla, le nna ke tle ke ithorise hanyenyane.


Modimo, e leng Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, e leng o bokwang ka ho sa feleng, o a tseba hoba ha ke leshano.


Ha ke ithorisitse, ke fetohile lewatla, ke lona le ntshusumeleditseng teng; hobane ke ne ke tshwanelwa ke ho emelwa ke lona, hobane ha ke a ka ka fetiswa ka letho, leha le le leng, ke baapostola ba fetisang ka boholo, leha ke se eng.


Empa ka ho re, ke se ke ka iphahamisa ka boholo ba ditshenolo tseo tse tlodisang, ke neilwe phatsa e hlabang ka nameng, e leng lengeloi la Satane, le tle le nkwahlele, hore ke se ke ka iphahamisa.


Hobane ha re hlanya, re hlanyetsa Modimo, mme ha re ena le ditaba, ke ka baka la lona.


Hobane, leha ke ne ke ithorise ka lona pela hae, ka hore ho itseng, ha ke a ka ka swaba ke hona; empa jwalokaha re ne re le bolelle nnete tabeng tsohle, le hona ho ithorisa ha rona ka lona pela Tite ho fumanwe e le nnete ka sebele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos