Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 12:1 - BIBELE

1 Ke tlameha ho ithorisa, leha ho sa thuse letho, mme ke fetela diponong le ho tseo Morena a ntshenoletseng tsona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke tshwanetse ho ithorisa; empa ha ho nthuse letho. Leha ho le jwalo, ke tla fihlisa mehlolong le ditshenolong tsa Morena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Ho ithorisa ha ho lekane ho nna. Ke tla tla ho dipono le ditshenolo tsa Morena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Ho ithorisa ha ho lekane ho nna. Ke tla tla ho dipono le ditshenolo tsa Morena.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 12:1
26 Referencias Cruzadas  

Ka pona e entsweng ke Moya wa Modimo, Moya wa mphahamisa, wa nkisa ho bathopuwa ba naheng ya Bakalatiya. Yaba pono eo ke e boneng e tloha ho nna,


Morena a re ho bona: “Jwale utlwang mantswe a ka: Haeba ho na le moporofeta hara lona, nna, Morena, ke tla itsebisa yena ka pono, ke tla bua le yena ka toro.


Empa ke le bolella nnete: Ho molemo ho lona hore ke ye, hobane ha ke sa ye, Mothusi a ke ke a tla ho lona; athe ha ke eya, ke tla mo romela ho lona.


Kaiafa e ne e le yena ya eleditseng Bajuda, a re: Ho molemo ha motho a le mong a ka shwela setjhaba.


Jwale Morena a bua le Paulosi ka pono, bosiu, a re: “O se ke wa tshaba, empa o nne o bue, o se ke wa kgutsa.


Ka bosiu bo hlahlamang, Morena a tla ho yena, a re: “Beta pelo, hobane jwalokaha o mpakile Jerusalema, eka kgona o mpake jwalo le Roma.”


Le re: “Tsohle di dumeletswe,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, tsohle di dumeletswe, empa hase ho re tsohle di na le thuso.


Jwale, bana beso, ho tla le thusa kang ha nka tla ho lona, ke bua ka leleme lesele, ntle le haeba puo ya ka e le senolela tsa Modimo, kapa tsebo, kapa boporofeta, kapa thuto?


E mong o re: “Ke dumeletswe ka dintho tsohle,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, ke dumeletswe ka dintho tsohle, empa ha nka ke ka laolwa le ke e le nngwe ya tsona.


Ke fetohile sethoto, hobane ke lona ba ntlamileng ho ba jwalo. Ke ne ke lokela ho pakwa ke lona, etswe leha ke se letho, baapostolahadi bao ha ba mphete ka letho.


Ke tla ithorisa ka motho eo, empa nke ke ka ithorisa ka bonna, haese ka bofokodi ba ka.


Hore ke se tshohe ke ikgantsha ka baka la boholo ba tseo ke di senolotsweng, ke hlabilwe ka moutlwa mmeleng, e leng moromuwa wa Satane, hore a nne a ntjabele, esere ka ikgantsha.


empa a re ho nna: “Mohau wa ka o o lekane, hobane matla a ka a phethahala ka ba fokolang.” Ha ho le jwalo, ke tla ithorisa ka bofokodi ba ka ka thabo e kgolo, hore matla a Kreste a tle a be ho nna.


Jwale ke le nea maikutlo a ka tabeng ena: Ho molemo ho lona hore seo le se qadileng ngwahola, ka ho rata, le se qetele.


hobane ha ke a ka ka o newa kapa ka o rutwa ke motho, empa ke o senoletswe ke Jesu Kreste.


Ke ne ke senoletswe hore ke nyolohele teng. Lekunutung, ka hlalosetsa batho ba nang le mabitso molaetsa o molemo, oo ke o phatlalletsang baditjhaba; esebe mohlomong nakong ena kapa e fetileng, ke tsamaetse lelea.


le kamoo, ka ho senolelwa, ke tsebisitsweng sephiri sa hae kateng, jwalokaha ke se ke ngotse hakgutshwanyane.


Sena re le bolella sona e le thuto ya Morena: Rona ba tla beng ba ntse ba phela mohla Morena a tlang, ha re na ho etella pele ba ithobaletseng.


Hape re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe Modimo wa nnete. Re phela ka ho Modimo wa nnete, ka ho Mora wa hae, Jesu Kreste. Yena ke Modimo wa nnete, ke bophelo bo sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos