Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 11:7 - BIBELE

7 Na ke ile ka etsa phoso ha ke ikokobetsa hore lona le phahamiswe, mme ke le boleletse molaetsa o molemo wa Modimo, ke sa le lefise?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Kapa ke sitilwe ha ke ikokobeditse, le tle le phahamiswe, kahoba ke le boleletse Evangeli ya Modimo feela-feela na?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Na ke sitilwe ka ho ikokobetsa, hore le tle le hodiswe, kahobane ke le boleletse Evangeli ya Modimo ntle ho tefo?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Na ke sitilwe ka ho ikokobetsa, hore le tle le hodiswe, kahobane ke le boleletse Evangeli ya Modimo ntle ho tefo?

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 11:7
14 Referencias Cruzadas  

Ha ke a ka ka tswela silefera pelo, kapa kgauta, kapa diaparo tsa motho.


Le lona le a tseba hore matsoho ana a ile a sebeletsa seo nna, le bao ke neng ke ena le bona, re neng re se hloka.


Nna Paulosi, mohlanka wa Kreste Jesu, ke bitseditswe ho ba moapostola. Ke kgethetswe ho bolela molaetsa o molemo wa Modimo,


Haeba ba bang ba ena le tokelo eo ho lona, na tokelo ya rona e ke ke ya eba kgolo ho feta ya bona? Leha ho le jwalo, ha re a ka ra sebedisa tokelo eo, empa re iphapanyeditse tsohle, e le hore re se ke ra kgina molaetsa o molemo wa Kreste.


Kapa na ke rona le Baranabase feela ba tlamehileng ho sebetsa hore re iphedise?


Nna Paulosi, eo ho thweng ke konyana ha ke le hara lona, empa ke tau ha ke le hole le lona, ka bonna ke ipiletsa ho lona ka mosa le ka bopelonolo ba Kreste.


Re tla bolela molaetsa o molemo le dinaheng tse ka nqane ho lona, re sa ithorise ka mosebetsi o seng o entswe dibakeng tsa ba bang.


Ebe dikereke tse ding di le fetile kang, haese feela hore nna ha ke a ka ka le kgoka? Ntshwareleng phoso eo.


Yare ha ke fihla Terowase, moo ke neng ke ilo bolela molaetsa o molemo wa Kreste teng, ka fumana Morena a se a mpuletse tsela.


Bana beso, le tla hopola kamoo re neng re sebetse ka thata kateng, ra fufulelwa! Ra na ra sebetsa motsheare le bosiu, hore ha re ntse re le bolella molaetsa o molemo wa Modimo, re se ke ra kgoka mang kapa mang wa lona.


leha e le ho ja dijo tsa motho re sa lefe letho. Empa re ile ra sebetsa ka thata, ra fufulelwa motsheare le bosiu, e le hore re se ke ra kgoka le ya mong wa lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos