Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 11:6 - BIBELE

6 Leha ke se kgeleke, tsebo ke na le yona, mme re le bontshitse hona ka dinako tsohle le ka mekgwa yohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ekare ha ke le sethoto ka puo, ka tsebo ha ke sona; empa re itsebahaditse hara lona ka nqa tsohle le ka ntho tsohle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Empa leha ke le sethoto puong, leha ho le jwalo tsebong; empa re bonahaditswe ruri hara lona nthong tsohle.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Empa leha ke le sethoto puong, leha ho le jwalo tsebong; empa re bonahaditswe ruri hara lona nthong tsohle.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 11:6
13 Referencias Cruzadas  

Kreste ha a ya nthomela ho kolobetsa, empa ho bolela molaetsa o molemo, e seng ka bokgeleke, esere sefapano sa Kreste sa fetolwa lefeela.


Erekaha lefatshe, ka bohlale ba lona, le sitilwe ho tseba Modimo ka mesebetsi ya bohlale ba hae, ka hona ba dumelang, Modimo o kgahlilwe ke ho ba pholosa ka bothoto ba molaetsa ona oo re o phatlalatsang.


Moya o nea e mong ho bua ka bohlale, athe wona Moya oo o nea e mong ho bua ka tsebo.


Tsena ha re di bolele ka mantswe a rutwang ka bohlale ba motho, empa re di bolela ka mantswe a rutwang ke Moya o Halalelang, ka ho hlalosetsa ba nang le Moya o Halalelang ditaba tsa moya.


hobane e mong o re: “Ruri mangolo a hae a boima, a matla, empa ha a le teng ka seqo ke dikobo feela, le puo ya hae e a nyediseha.”


Tse bonahatsang hore ke moapostola wa nnete di entswe hara lona ka mamello yohle: ke mehlolo, dimakatso, le diketso tse matla.


Empa re ile ra tela tsa sekgukgu, tse dihlong, ra se ke ra tsamaya ka mano, leha e le ho sotha lentswe la Modimo. Re mpa re phatlalatsa nnete, re leka ho hapa maikutlo a batho bohle, mme le Modimo o a tseba.


Ka ho tseba hore na ho tshaba Morena ke eng, re leka ho kgodisa batho. Modimo o re tseba ka ho tlala; le teng ke tshepile hore le lona, ka dipelo tsa lona, le ntseba ka ho tlala.


ka bohlweki, ka tsebo, ka mamello, ka mosa, ka Moya o Halalelang, ka lerato le se nang boikaketsi,


Re buleleng dipelo tsa lona. Ha ho eo re mo entseng hampe, ha ho eo re mo senyeditseng, ha ho eo re mo qhekanyeditseng.


Ka ho bala seo ke se ngotseng, le tla elellwa kutlwisiso eo ke nang le yona ya sephiri sa Kreste.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos