Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 11:12 - BIBELE

12 Jwale seo ke se etsang ke tla nne ke se etse, e le hore ba ipatlelang sebaka sa ho ithorisa ka ho re ba jwaloka rona, ke tle ke ba hlokise sona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Empa seo ke se etsang, ke tla nne ke se etse hore, haele ba batlang sebaka, ke ba hlokise sona, hore ho seo ba ithorisang ka sona, ba fumanwe hoba ba jwaloka rona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Empa seo ke se etsang, ke tla se etsa, ke tle ke kgaole monyetla ho ba batlang monyetla; e le hore seo ba ithorisang ka sona, ba ka fumanoa ba tšoana le rōna.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Empa seo ke se etsang, ke tla se etsa, ke tle ke kgaole monyetla ho ba batlang monyetla; e le hore seo ba ithorisang ka sona, ba ka fumanoa ba tšoana le rōna.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 11:12
13 Referencias Cruzadas  

“Ha a rerile o rerile, a ka hanyetswa ke mang? O iketsetsa tsohle ka ho rata ha hae;


Ho tloha moo a batla monyetla wa ho ba neela yena.


Boithoriso ba lona ha bo a loka. Na ha le tsebe hore tomoso e seng kae e lomosa hlama kaofela?


Haeba ba bang ba ena le tokelo eo ho lona, na tokelo ya rona e ke ke ya eba kgolo ho feta ya bona? Leha ho le jwalo, ha re a ka ra sebedisa tokelo eo, empa re iphapanyeditse tsohle, e le hore re se ke ra kgina molaetsa o molemo wa Kreste.


Ka boikemisetso bona, na ke ne ke tlaila? Kapa na merero ya ka ke ya botho feela, hoo ke tla re “e” le “tjhe” ka nako e le nngwe?


Empa ya ithorisang a ke a ithorise ka Morena,


Erekaha ba bangata ba ithorisa ho ya ka botho, le nna ke tla ithorisa jwalo.


Nakong eo ke neng ke ena le lona, ha ke a ka ka kgoka motho ha ke ne ke hloka, hobane bana babo rona ba tswang Masedonia ba nnile ba mphallela ka tsohle tseo ke neng ke di hloka. Jwaloka nakong e fetileng, esita le ka nako e tlang, nke ke ka ba ka le imetsa.


Ha re sa tla ikemela pela lona, re mpa re le fa sebaka sa ho ithorisa ka rona, e le hore le tle le tsebe ho fetola ba ithorisang ka se bonahalang, e seng ka se ka pelong.


Hase hore ho teng o mong osele, empa ho teng ke batho ba le ferekanyang, ba ratang ho sokamisetsa molaetsa o molemo wa Kreste hosele.


Ka hona nka rata ha bahlolohadi ba sa leng batjha, ba ka nyalwa hape, e le hore ba be le bana, ba tsamaise malapa a bona hantle, ba tle ba se ke ba fa mohanyetsi monyetla wa ho bua hampe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos