Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 11:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Empa seo ke se etsang, ke tla nne ke se etse hore, haele ba batlang sebaka, ke ba hlokise sona, hore ho seo ba ithorisang ka sona, ba fumanwe hoba ba jwaloka rona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Jwale seo ke se etsang ke tla nne ke se etse, e le hore ba ipatlelang sebaka sa ho ithorisa ka ho re ba jwaloka rona, ke tle ke ba hlokise sona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Empa seo ke se etsang, ke tla se etsa, ke tle ke kgaole monyetla ho ba batlang monyetla; e le hore seo ba ithorisang ka sona, ba ka fumanoa ba tšoana le rōna.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Empa seo ke se etsang, ke tla se etsa, ke tle ke kgaole monyetla ho ba batlang monyetla; e le hore seo ba ithorisang ka sona, ba ka fumanoa ba tšoana le rōna.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 11:12
13 Referencias Cruzadas  

Leha ho le jwalo, o na le kgopolo e le nngwe feela; ke mang ya ka o reteletsang? Seo moya wa wona o se ratang, o a se etsa.


Yaba moo a qalang ho batla sebaka sa ho ba neela yena.


Ha le na tokelo ya ho ithorisa! Na ha le tsebe hoba tomoso e nyenyane e hohomosa hlama kaofela na?


Mme ha ba bang ba ena le tokelo ya ho etsa jwalo ho lona, ana haholoholo hase ya rona na? Athe ha re a ka ra etsa ka tokelo eo; re mpa re mameletse tsohle, re tle re se ke ra beela Evangeli ya Kreste thibelo leha e le nngwe.


Hleka ha ke ne ke rerile jwalo, a ke ne ke etsa bosawana na? Kapa ha ke rera taba, a ke e rera ka nama na, hore e, e, le tjhe, tjhe, di fumanwe hammoho ka ho nna na?


Mme ya ithorisang a ke a ithorisetse Moreneng.


Jwale he, erekaha ba bangata ba ithorisa ka nama, le nna ke tla ithorisa.


Mme leha ke ne ke sa le hara lona, ke le tsietsing ya bohloki, ha ke a ka ka kgathatsa motho; hobane baena ba tswang Masedonia ba mpabaletse ka seo ke neng ke se hloka; mme ke itlhokometse hore ke se ke ka le etsetsa boima le ka ntho leha e le nngwe le jwale ke sa tla iponela teng.


Hase hore re boela re ikemela pela lona, empa re le nea sebaka sa ho ithorisa ka rona; le tle le tsebe ho fetola ba ithorisang ka tshobotsi, e seng ka pelo.


e seng hore e nngwe e teng, empa batho ba teng ba le ferekanyang, mme ba rata ho sokanya Evangeli ya Kreste.


Ke ka baka leo ke ratang hoba bahlolohadi ba batjha ba nyalwe, ba tswale bana, ba dise matlo a bona, ba se ke ba nea mohanyetsi sebaka le se senyenyane sa ho seba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos