Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 1:23 - BIBELE

23 Ke ikana ka bophelo ba ka! Modimo a ka mpakela hore e ne e le ka ho le qenehela, ha ke sa ka ka kgutlela Korinthe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Mme ke bitsa Modimo, e be paki ya taba tsa moya wa ka, ha ke re, e ne e le ka baka la ho le hauhela, ha ke eso ho ye Korinthe le jwale;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

23 Hape ke bitsa Modimo hore e be paki ya moya wa ka, hore ka baka la ho le hauhela, ha ke eso fihle Korinthe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Hape ke bitsa Modimo hore e be paki ya moya wa ka, hore ka baka la ho le hauhela, ha ke eso fihle Korinthe.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 1:23
22 Referencias Cruzadas  

Kamora tsena, Paulosi a tloha Athene, a ya Korinthe.


Jwale Kerisepose, mookamedi wa ntlo ya thapelo, a dumela ho Morena, yena le lelapa la hae lohle. Le ba bangata ba Bakorinthe ha ba utlwa, ba dumela, mme ba kolobetswa.


Modimo eo ke mo sebeletsang ka moya wa ka wohle, ka ho phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mora wa hae, ke paki ya ka, ya kamoo ke sa phetseng kateng ho le rapella.


Ka Kreste, ke bua nnete, ha ke bue leshano; le letswalo la ka le buswang ke Moya o Halalelang, le a mpakela


Jwale le ikgethelang? Hore ke tle ho lona ka thupa, kapa ka lerato le ka mosa?


motho eo a neelwe Satane, ho timetswe mmele wa hae, e le hore moya wona o tle o pholoswe ka Letsatsi la ho tla ha Morena.


Nna Paulosi, moapostola wa Kreste Jesu ka thato ya Modimo, le Timothea, ngwanabo rona, re dumedisa kereke ya Modimo e Korinthe, mmoho le badumedi bohle ba leng naheng yohle ya Akaya, re re:


Ka nnete ya Modimo, puo ya ka ho lona hase “e” le “tjhe” ka nako e le nngwe,


Jwale ke le kopa hore, ha ke le teng hara lona, ke se ke ka ba tau eo ke ikemiseditseng ho ba yona ka sebete, ho ba reng re laolwa ke botho.


Ke ikana ka nnete ya Kreste e ka ho nna, hore boithoriso bona ba ka bo ke ke ba kgaotsa dibakeng tsa Akaya.


Hobaneng? Hobane ke sa le rate? Tjhe, Modimo o a tseba, ke a le rata.


Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ya bokwang kamehla yohle, o a tseba hore ha ke bue leshano.


Ke a tshaba, esere ha ke fihla, ka le fumana le se kamoo ke lakatsang kateng, le lona la mphumana ke se kamoo le lakatsang kateng, mme mohlomong ho ena le diqabang, mohono, kgalefo, dikgang, diketseletso, ditshebo, boikgohomoso, le meferefere.


Ka baka leo, ke le ngolla tsena ke eso tle, e le hore ha ke se ke tlile, ke se ke ka le hlekefetsa, ho ya ka matla ao Morena a mphileng wona, e leng a ho haha, e seng a ho heletsa.


Ba entseng sebe ka nako e fetileng, le ba bang bohle, ke ne ke ba bolelle mohla ketelo ya ka ya bobedi, mme le kajeno ke sa ba bolella hape ke eso tle, hore mohla ke tlang hape, ha ke na ho qenehela motho,


ka bohlweki, ka tsebo, ka mamello, ka mosa, ka Moya o Halalelang, ka lerato le se nang boikaketsi,


Modimo o a tseba hore tsena tseo ke le ngollang tsona hase leshano.


Modimo ke paki ya kamoo ke le hlolohetsweng kateng ka lerato le kang la Kreste Jesu.


Kamoo le tsebang kateng, ha re a ka ra tla ho lona ka maleme a monate, le ka meharo. Modimo ke paki.


Hara bona ho na le Hemenaiose le Alekesandere, bao ke ba neetseng Satane, ba tle ba ithute ho se nyefole.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos