Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Timothea 4:4 - BIBELE

4 Tsohle tseo Modimo a di hlodileng di ntle, mme ha ho letho la tsona le tshwanetseng ho lahlwa, empa eka kgona tsohle di amohelwe ka teboho,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Hobane tsohle tse bopilweng ke Modimo di ntle, mme ha ho letho le tshwanetseng ho kgeswa ha ho jewa ka teboho;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Hobane sebopuwa se seng le se seng sa Modimo se molemo, mme ha ho letho le ka lahlwang, ha le amohelwa ka teboho.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Hobane sebopuwa se seng le se seng sa Modimo se molemo, mme ha ho letho le ka lahlwang, ha le amohelwa ka teboho.

Ver Capítulo Copiar




1 Timothea 4:4
15 Referencias Cruzadas  

Jwale Modimo a tadima tsohle tseo a di entseng, mme a bona hore di ntle haholo. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la botshelela.


Lentswe la bua le yena kgetlo la bobedi, la re: “Tseo Modimo a di hlwekisitseng, wena o se ke wa re di a ileha.”


ho ila tse hlabetsweng medimo ya bohata, le madi, le dintho tse fenethilweng, le bohlola. Ha le ila tsena, e tla ba le etsa hantle. Salang ka kgotso.”


Ha e le baditjhaba ba dumetseng, re ile ra ba tsebisa ka lengolo qeto ya rona ya hore ba ile tse hlabetsweng medimo ya bohata, le madi, le dintho tse fenethilweng, le bohlola.”


Ke le wa Morena Jesu, ke a tseba, mme ke kgodisehile hore ha ho ntho e ilehang ka boyona, empa ho ya reng ntho e a ileha, ke ho yena feela e ilehang.


O se ke wa senya mosebetsi wa Modimo ka taba ya dijo. Ke nnete, tsohle di hlwekile, empa di mpe ho motho ya di jelang ho kgelosa.


Ya hlomphang letsatsi le itseng o le hlomphela Morena; ya jang tsohle o di jela Morena, hobane o leboha Modimo. Ya sa jeng tsohle ha a di jele Morena, mme le yena e leboha Modimo.


Le re: “Tsohle di dumeletswe,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, tsohle di dumeletswe, empa hase ho re tsohle di na le thuso.


Le ka ja dijo dife le dife tse rekiswang tlung ya dijo, ka matswalo a kgutsitseng, le sa botse letho,


hobane “lefatshe ke la Morena, le tsohle tse ho lona.”


Ha ke leboha Modimo ka seo ke se jang, ho ya kang ha ke nyefolelwa ho leboha hoo?


“Yena ke Lefika, mosebetsi wa hae o hloka kodi, ditsela tsohle tsa hae di na le toka; ke Modimo ya tshepahalang, ya se nang bokgopo; o lokile, mme o nepa kamehla.


Ba tla thibela batho ho nyalana, ba re ho ilwe dijo tse itseng, athe Modimo o di etseditse hore di jewe ka teboho ke ba dumelang, ba tsebang nnete ka ho tlala.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos