Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Timothea 2:10 - BIBELE

10 Ba ikgabise ka diketso tse lokileng, tse tshwanelang basadi ba ipolelang hore ba hlompha Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 e mpe e be ka mesebetsi e molemo, jwalokaha ho tshwanela basadi ba ipolelang hoba ba sebeletsa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Empa e le ka mokgwa o tshwanelang basadi ba bolelang borapedi, ka mesebetsi e molemo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Empa e le ka mokgwa o tshwanelang basadi ba bolelang borapedi, ka mesebetsi e molemo.

Ver Capítulo Copiar




1 Timothea 2:10
15 Referencias Cruzadas  

Matla le seriti ke tsona aparo tsa hae, taba tsa kamoso tsona o a di teola!


Mo nee moputso wa matsoho a hae, mosebetsi wa hae o mo rorise kgorong tsa motse.


Motseng wa Jopo ho ne ho ena le morutuwa ya bitswang Tabitha, e leng ho re Dorokase. Mosadi enwa o ne a etsa mesebetsi e mengata, e molemo, a etsetsa le mafutsana dithuso tse ngata.


Petrose a ema, a ya le bona. Ha a fihla, ba mo isa kamoreng e kahodimo, mme bahlolohadi bohle ba mo teela hare ba ntse ba lla, ba mmontsha mefuta ya diaparo eo Dorokase a neng a di etse ha a sa ntse a phela.


Re dibopuwa tsa Modimo, ka Kreste Jesu o re bopetse ho etsa mesebetsi e metle, eo a neng a e lokise e sa le pele hore re tle re e etse.


Mosadi a mamele thuto a kgutsitse, ka boikokobetso bohle.


Ka mokgwa o jwalo, diaparo tsa basadi e be tse lokelang. Ba ikgabise ka tshwanelo le ka boitlhompho, e seng ka ho fora moriri, kapa ka mekgabiso ya kgauta, kapa ka mabenyane a bohlokwa, kapa ka diaparo tse theko e boima.


Yena o iteletse rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, a itlhwekisetse setjhaba seo e tla ba sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Lena ke lentswe la nnete. Nka rata hore ho tsena o se ke wa thekesela, e le hore bohle ba tshepang Modimo ba ikemisetse ho thahasella mesebetsi e metle. Hona ho hotle, mme ke thuso ho batho.


Le be le metsamao e metle hara bahedene, e tle ere ha ba bona mesebetsi ya lona e metle, ba tlotlise Modimo mohla letsatsi la kahlolo, le hoja jwale ba ntse ba le bua hampe, ba re le etsa tse mpe.


Ha e le moo dintho tsohle di tla fediswa jwalo, lona eka kgona le halalele haholo metsamaong le borapeding ba lona,


o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le lerato, le tumelo, le bosebeletsi, le tiisetso ya hao, mme mesebetsi ya hao ya ho qetela e feta ya pele ka bongata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos