Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Timothea 2:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 e mpe e be ka mesebetsi e molemo, jwalokaha ho tshwanela basadi ba ipolelang hoba ba sebeletsa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Ba ikgabise ka diketso tse lokileng, tse tshwanelang basadi ba ipolelang hore ba hlompha Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Empa e le ka mokgwa o tshwanelang basadi ba bolelang borapedi, ka mesebetsi e molemo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Empa e le ka mokgwa o tshwanelang basadi ba bolelang borapedi, ka mesebetsi e molemo.

Ver Capítulo Copiar




1 Timothea 2:10
15 Referencias Cruzadas  

Matla le hlompho ke seaparo sa hae, o tsheha letsatsi la hosasane.


A ke a je tholwana tsa matsoho a hae, mme mesebetsi ya hae e mo rorise kgorong tsa motse.


Motseng wa Jopo, mosadi o ne a le teng, e leng morutuwa, ya bitswang Tabitha, ke ho re Dorkase, ha ho fetolwa; o ne a tletse mesebetsi e metle le dithuso tseo a neng a di etsa.


Yaba Petrose o tloha, a tla le bona. Yare ha a fihla, ba mo isa phaposing e kahodimo; basadi ba bahlolohadi kaofela ba itlhahisa pela hae, ba ntse ba lla, ba mmontsha mese le diaparo tseo Dorkase a neng a ba etsetsa tsona, ha a sa na le bona.


Hobane re mosebetsi wa wona, re bopetswe ho Jesu Kreste mesebetsi e molemo, eo Modimo o e lokisitseng pele, re tle re itsamaele ho yona.


Mosadi a ithute a kgutsitse, ka kutlo yohle.


Basadi le bona ba apare seaparo se lokelang, ba itlhophe ka boitlhompho le ka tshabo, e seng ka moriri o forilweng, le ka kgauta, leha e le diperela, leha e le meaparo e kgabisitsweng;


ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Polelo eo e tiile, mme ke rata hoba o omele ka matla tabeng tseo, hore ba dumetseng ho Modimo ba iponele, ba tle ba phehelle mesebetsi e metle, tse ntle, tse molemo ho batho ke tsona tseo.


le be le motsamao o motle hara bahetene, hore tabeng tseo ba le sebang ho tsona, jwaloka hola le le disenyi, ba rorise Modimo mohla o ba etelang, ha ba bontshisa mesebetsi ya lona e metle.


Jwale, haele moo ntho tseo tsohle di abetswe ho fediswa, e ka kgona le be batho ba matla hakakang diketsong tse halalelang tsa borapedi;


Ke tseba mesebetsi ya hao, le lerato la hao, le tshebeletso ya hao, le tumelo ya hao, le mamello ya hao, le hoba mesebetsi ya hao ya morao e fetisa ya pele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos