Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Timothea 1:12 - BIBELE

12 Ke leboha ya mmatlafaditseng, e leng Kreste Jesu Morena wa rona, hobane o nkukile ke le ya tshepahalang, a ba a nkgethela ho ba mosebeletsi wa hae,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ke boka Morena wa rona Jesu Kreste, ya ntiisitseng, kahobane o lekantse hoba ke tshepehile, ha a mpea mohlanka wa hae:

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Ke leboha Kreste Jesu, Morena wa rona, ya mphang matla, kahobane a mpone ke le ya tshepahalang, ka ho mpea tshebeletsong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Ke leboha Kreste Jesu, Morena wa rona, ya mphang matla, kahobane a mpone ke le ya tshepahalang, ka ho mpea tshebeletsong.

Ver Capítulo Copiar




1 Timothea 1:12
26 Referencias Cruzadas  

a re ho bona: ‘Le lona eyang tshimong ya ka ya morara, mme ke tla le nea ho le lokelang.’


hore bohle ba hlomphe Mora jwalokaha ba hlompha Ntatae. Ya sa hlompheng Mora ha a hlomphe Ntatae ya mo romileng.


Ha a se a kolobeditswe le ba lelapa la hae, a re rapela, a re: “Haeba le kgotsofetse hore ke dumetse ho Morena, kenang ka tlung ya ka, le hlole teng.” A re qophella.


Empa Morena a re ho yena: “Eya, hobane monna eo ke mohlanka eo ke mo kgethileng ho tsebisa baditjhaba, le dikgosi, le bana ba Iseraele lebitso la ka.


Empa Saule yena a eketsa ho ipha matla le ho ferekanya Bajuda ba ahileng Damaseka, ka ho ba bontsha hore Jesu ke yena Mesia.


Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona, mme mohau wa Modimo ho nna ha o a ka wa fetoha lefeela. Ke sebeditse ho feta baapostola bohle, le hoja e se ka bonna, e le ka mohau wa Modimo o ho nna.


Hantlentle Apolosi ke eng? Paulose yena ke eng? Ke basebeletsi feela bao le dumetseng ka baka la bona, ba sebeditseng ho ya kamoo Morena a abetseng e mong le e mong wa bona kateng.


Tabeng ya barwetsana, ha ke na taelo ya Morena, ke mpa ke fana ka keletso, ke le ya tshepahalang ka mohau wa Morena.


Ka baka leo, erekaha re neilwe tshebeletso ena ka mohau, ha re tepelle.


Bohle le bana ba Modimo ka ho dumela ho Kreste Jesu,


Jwale ha ho sa le Mojuda kapa moditjhaba, ha ho sa le lekgoba kapa molokollwa, ha ho sa le monna kapa mosadi, hobane lona bohle le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.


mme maleme wohle a tle a bolele hore “Jesu Kreste ke Morena,” e be tlotliso ho Modimo Ntate.


Nka etsa tsohle ka Kreste ya mmatlafatsang.


Ke entswe mosebeletsi wa kereke, ho ya ka mosebeletsi oo Modimo a nkabetseng wona hara lona, wa ho le ruta lentswe la hae ka ho tlala.


Nna Paulosi, maopostola wa Kreste Jesu, ka taelo ya Modimo, Mopholosi wa rona, le ya Jesu Kreste, tshepo ya rona,


Thuto ena ke e dumellanang le molaetsa o molemo oo ke o tshepetsweng, o tswang ho Modimo ya tlotlehang, ya lehlohonolo.


ke dumedisa Timothea, ngwanaka wa sebele tumelong, ke re: Mohau, lereko le kgotso ya Modimo Ntate le ya Kreste Jesu, Morena wa rona, di ke di be le wena.


Mahlong a Modimo, yena ya phedisang tsohle, le mahlong a Kreste Jesu, ya ileng a etsa bopaki ba nnete kapele ho Pontiuse Pilato, ke o laela hore


Tseo o di utlwileng ho nna pela dipaki tse ngata, o di bee matsohong a batho ba tshepahalang, ba ka tsebang ho di ruta ba bang.


Empa Morena o ile a ba le nna, a mmatlafatsa, hore ke tle ke phatlalatse molaetsa o molemo ka ho tlala, baditjhaba bohle ba tle ba o utlwe. Ka lopollwa tleneng tsa tau.


Ke a o dumedisa Tite, ngwanaka wa sebele tumelong, eo rona le wena re nang le yona, ke re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntate le ya Kreste Jesu, Mopholosi wa rona, di ke di be le wena.


empa ka baka la lerato ke a o rapela, ke le Paulosi wa leqheku, eo kajeno e bileng e leng motshwaruwa ka baka la Kreste Jesu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos