Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 9:26 - BIBELE

26 Ba tsoha ka madungwadungwana. Yare ha mafube a hlaha, Samuele a bitsa Saule a le kahodima marulelo a ntlo, a re: “Tsoha, ke o lokolle, o tsamaye!” Saule a ema, mme ba tswela seterateng ba le babedi le Samuele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ha ba tsoha e sa le ka meso, Samuele a biletsa Saule hodima ntlo, a re: Tsoha, ke o fe tsela. Saule a tsoha, mme ba tswela ntle ba ena le Samuele, e le bona ba babedi.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 9:26
6 Referencias Cruzadas  

Lota a tswa, a ya bua le bakgwenyana ba hae, ba nkileng baradi ba hae, a re: “Tsohang, le tswe motseng ona, hobane Morena o lekgatheng la ho o timetsa!” Empa bakgwenyana ba bona eka o a swaswa.


Yare ba sa tswa tloha motseng, ba eso ye hole, Josefa a re ho mookamedi wa lelapa la hae: “Tsamaya, o phallele banna bao. Ha o fihla ho bona o re: ‘Ho ya kang ha le phetetsa botle ka bobe?


“Ema, o hlwekise setjhaba, mme o re ho sona: ‘Itlhwekisetseng letsatsi la hosasane hobane Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Thohako e teng hara lona, lona Baiseraele! Ha le na ho tseba ho thulana le dira tsa lona, ho fihlela le tlosa ntho eno e rohakehileng hara lona.


A re ho yena: “Ema, re tsamaye!” Empa ha ho ya ileng a araba. Yaba monna eo o a ema, o belesa mosadi hodima tonki, o ya hahabo.


Ba theoha hodima leralla, mme ba fihla motseng. Bosiung boo Saule a allwa diphate kahodima marulelo a ntlo, a robala teng.


Ha ba theohela ho ya qetellong ya motse, Samuele a re ho Saule: “Ere mohlanka wa hao a fetele kapele ho rona,” eo a fetela kapele, “empa wena o eme themelele! mme ke tla o bolella molaetsa wa Modimo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos