Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 9:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ha ba tsoha e sa le ka meso, Samuele a biletsa Saule hodima ntlo, a re: Tsoha, ke o fe tsela. Saule a tsoha, mme ba tswela ntle ba ena le Samuele, e le bona ba babedi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Ba tsoha ka madungwadungwana. Yare ha mafube a hlaha, Samuele a bitsa Saule a le kahodima marulelo a ntlo, a re: “Tsoha, ke o lokolle, o tsamaye!” Saule a ema, mme ba tswela seterateng ba le babedi le Samuele.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 9:26
6 Referencias Cruzadas  

Yaba Lota o tswa ho ya tsebisa bakgwenyana ba hae, ba neng ba tla nyala baradi ba hae, mme a re: Tsohang, le tswe nqalong ena, hobane Jehova o ya timeletsa motse! Empa ho bakgwenyana ba hae ha eba jwaloka hojane o a swaswa.


Eitse hobane ba tswe motseng, ba eso ho be hole, Josefa a re ho mohlahlobi wa ntlo ya hae: Raoha, a phallele batho bao, mme moo o ba fihlelang, o re ho bona: Ke ka baka lang ha le lefeletse botle ka bobe?


Ema, o hlwekise setjhaba, o re: Le itlhwekisetse hosasane, hobane ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Anathema e teng ho wena, Iseraele; o ke ke wa ema pela dira tsa hao, anathema e eso ho tloswe hara lona.


A re ho yena: Tsoha, re tsamaye. Empa ha a ka a araba. Yaba monna eo o mmelesa eseleng, a tsamaya, a ba a fihla hae.


Ba ntoo theoha nqalong e phahameng, ba boela hae, ba ba ba buisana le Saule, ba le hodima ntlo.


Ha ba se ba ya fihla pheletsong ya motse, Samuele a re ho Saule: Laela mohlanka, a ke a re etelle pele — mme a ba etella pele — wena, o eme motsotso, ke tle ke o utlwise lentswe la Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos