Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 9:22 - BIBELE

22 Yaba Samuele o nka Saule le mohlanka wa hae, o kena le bona ka tlung, o ba bea ka sehloohong ho ba memilweng, bao e neng e ka ba banna ba mashome a mararo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ebile Samuele ba ya le Saule le mohlanka wa hae, a ba isa moo ho jewang, mme a ba dudisa setulong se kapele ho ba memilweng, e leng batho ba batlileng ho ba mashome a mararo.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 9:22
4 Referencias Cruzadas  

Ba mmeela tsa hae a le mong, le tsa bona ba le bang, le tsa Baegepeta ba jang le yena ba le bang, hobane Baegepeta ha ba lokele ho ja le Baheberu, kaha hoo ke manyala ho Baegepeta.


Empa ha o memilwe, eya o dule ditulong tse kamorao, hore ha ya o memileng a etla, a tle a re ho wena: ‘Motswalle, fetela ditulong tse kapele!’ ebe moo o fumanang hlompho mahlong a ba dutseng le wena,


Saule a araba, a re: “Na nna ha ke wa morabe wa Benjamine, e leng o monyenyane haholo wa merabe ya Iseraele? Na lelapa leso hase lona le lenyenyane haholo la malapa a morabe wa Benjamine? Jwale ke ka baka lang ha o bua ntho e tjee ho nna?”


Samuele a re ho moapehi: “Tlisa setho seo ke ileng ka o nea sona, ka re o se bee kathoko.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos