Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 9:21 - BIBELE

21 Saule a araba, a re: “Na nna ha ke wa morabe wa Benjamine, e leng o monyenyane haholo wa merabe ya Iseraele? Na lelapa leso hase lona le lenyenyane haholo la malapa a morabe wa Benjamine? Jwale ke ka baka lang ha o bua ntho e tjee ho nna?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Saule a araba, a re: Ha ke re, ke Mobenjamine, wa leloko le lenyenyane ho meloko ya Iseraele, mme mothapo wa ka ke o monyenyane ho methapo yohle ya leloko la Benjamine na? O rialo jwang ho nna?

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 9:21
13 Referencias Cruzadas  

Bokang Modimo diphuthehong, bokang Morena dibokeng tsa Iseraele.


Benjamine, kgorula, o ba eteletse pele, o latetswe ke hlopha sa mahosana, mahosana a Juda, le mahosana a Sebulone, le mahosana a Nafthali.


Ha Efraime a bua, tjhaba di ne di thothomela, hoba o ne a le moholo naheng ya Iseraele; empa a kgumamela Baale, kahoo a etsa sebe, ka baka la sebe seo yaba o a shwa.


hobane e mong le e mong ya iphahamisang o tla kokobetswa, athe ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”


Nna ke e monyenyane hara badumedi bohle, empa ke abetswe mosebetsi ona o kgethehileng, wa ho bolella baditjhaba molaetsa o molemo wa menono e ke keng ya lekanngwa ya Kreste,


Empa banna ba bang ba kgopo ba re: “Motho eo o tla re namolela jwang?” Ba mo nyedisa, mme ba se ke ba mo nea dimpho. Empa Saule a ikgaohanela.


Kishe, ntata Saule, le Nere, ntata Abinere, e ne e le bara ba Abiele.


Samuele a re: “Ha ke re o hlooho ya merabe ya Iseraele, le hoja wena o itadima o le e monyenyane? Morena o o tlotsitse hore o be kgosi ya Iseraele.


Empa Davida a re ho Saule: “Nna ke mang? Hona leloko la ka, kapa lelapa leso, ke eng moo naheng ya Iseraele, hoo nka bang mokgwenyana wa kgosi?”


Bahlanka ba kgosi ba tsebisa Davida ditaba tsena. Yaba Davida o re: “Le bona e le ntho e ka etsahalang, ya hore ke be mokgwenyana wa kgosi, empa ke le mofutsana ya sa hlompheheng?”


Yaba Samuele o nka Saule le mohlanka wa hae, o kena le bona ka tlung, o ba bea ka sehloohong ho ba memilweng, bao e neng e ka ba banna ba mashome a mararo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos