Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 8:8 - BIBELE

8 Ho ya ka diketso tsohle tsa sona, tseo se di entseng ho tloha mohla ke se ntshang Egepeta, ho fihlela kajeno, se ntahlile, sa sebeletsa medimo e meng; jwale le wena se o etsa jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 E ntse e le ho etsa ka tsohle tseo ba di entseng, haesale ke ba ntsha Egepeta, ho tlisa tsatsing lena, ho mphuralla, le ho sebeletsa medimo esele; le wena ba o etsa jwalo.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 8:8
22 Referencias Cruzadas  

Ba se ke ba tshwana le bo-ntata bona, bao e bileng moloko o manganga, moloko wa befetohedi; moloko oo maikutlo a wona a neng a sa tsepama, moloko oo moya wa wona o sa tshepahaleng ho Modimo.


Bana ba Iseraele ba re ho bona: “Hoja Morena o hlile a re bolaela naheng ya Egepeta, moo re neng re ituletse pela dipitsa tsa nama, moo re neng re itjella bohobe, re kgora, hobane jwale le re tlisitse lehwatateng lena, hore setjhaba sena sohle se tlo shwela mona ke tlala.”


Yaba setjhaba se ipelaetsa ho Moshe, se re: “Re fe metsi, re nwe!” Moshe a re ho sona: “Ke hobaneng ha le ipelaetsa? Le lekelang Morena?”


Ha setjhaba se bona hore Moshe o dieha ho theoha thabeng, sa bokanela Arone, mme sa re ho yena: “Tloo, o re etsetse modimo o tla re etella pele, hobane ke mona ha re tsebe hore na Moshe, monna ya re nyolotseng naheng ya Egepeta, ho etsahetse eng ka yena.”


‘Ha dilemo tse supileng di fetile, motho ka mong o lokela ho lokolla ngwanabo wa Moheberu, eo a mo rekiseditsweng. O tlo mo lokolle ha a o sebeleditse ka dilemo tse tsheletseng,’ empa bo-ntata lona moholo ha ba a ka ba mmamela, leha e le hona ho sekeha ditsebe tsa bona.


La re ho nna: “Wena ngwana motho, ke o roma ho bana ba Iseraele, e leng setjhaba sa bafetohedi, se ileng sa mphetohela; sona le bo-ntata sona haesale se mphetohela ho fihlela kajeno.


Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa korotlela Moshe le Arone, sa re: “Le bolaile batho ba Morena.”


Haesale ke le tseba, le nnile la fetohela Morena.


Bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena. Morena a neelana ka bona matsohong a Bafilesita ka dilemo tse mashome a mane.


Kgalefo ya Morena ya tlokomela Baiseraele, mme a re: “Kaha setjhaba sena se robile selekane sa ka, seo ke se laetseng bo-ntata sona, mme se sa ka sa mamela lentswe la ka,


Ha Ehude a se a shwele, bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena.


Bana ba Iseraele ba sitelwa Morena. Morena a neelana ka bona matsohong a Bamidiane ka dilemo tse supileng.


Morena a re ho Samuele: “O mamele tsohle tseo setjhaba se di buang ho wena, hobane hase wena eo se mo lahlang; se mpa se lahla nna, hore ke se ke ka se busa.


Ka baka leo, mamela tseo se di buang. Empa o se eletse o se o tiile, e sa le pele, o se bolelle mokgwa oo kgosi e tla se busa ka wona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos