Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 8:7 - BIBELE

7 Morena a re ho Samuele: “O mamele tsohle tseo setjhaba se di buang ho wena, hobane hase wena eo se mo lahlang; se mpa se lahla nna, hore ke se ke ka se busa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Jehova a re ho Samuele: Mamela puo ya setjhaba kahohle kamoo se buang le wena kateng; hobane ha ba lahle wena, ba lahlile nna, hore ke se ke ka nna ka ba morena wa bona.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 8:7
22 Referencias Cruzadas  

Moshe a re: “Ke Morena ya tla le fa nama mantsiboya, hore le je; le bohobe hoseng, hore le kgore, hobane o utlwile kamoo le mo korotlelang kateng. Rona re bo-mang? Ha le korotlele rona, le korotlela Morena.”


Le nna ke tla ba otla ka kotlo e bohloko, ke ba tlisetse sona seo ba se tshabang. Ha ke ne ke bitsa, ha ho ya kila arabela, ha ke ne ke bua, ha ba a ka ba mamela. Ba entse bobe moo ke ntseng ke ba shebile, ba ikgethela dintho tse sa nthabiseng.”


‘Ha dilemo tse supileng di fetile, motho ka mong o lokela ho lokolla ngwanabo wa Moheberu, eo a mo rekiseditsweng. O tlo mo lokolle ha a o sebeleditse ka dilemo tse tsheletseng,’ empa bo-ntata lona moholo ha ba a ka ba mmamela, leha e le hona ho sekeha ditsebe tsa bona.


La re ho nna: “Wena ngwana motho, ke o roma ho bana ba Iseraele, e leng setjhaba sa bafetohedi, se ileng sa mphetohela; sona le bo-ntata sona haesale se mphetohela ho fihlela kajeno.


Empa bana ba Iseraele ba ke ke ba o mamela, hobane le nna ha ba a ka ba mmamela. Bana ba Iseraele bohle ba thatafaditse dipelo, ba manganga.


Modimo a fihla ho Bileame bosiu, mme a re ho yena: “Haeba banna bana ba tlilo o bitsa, ema, o tsamaye le bona. Feela wena o tla etsa seo ke tla o bolella sona.”


“Ya le amohelang o a nkamohela, mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng.


“Ya le utlwang o a nkutlwa, ya le hanang o a nkgana, mme ya nkganang o hana ya nthomileng.”


“Empa kaha baahi ba naha ya hae ba ne ba mo hloile, ba mo sadisa baromuwa morao, ba re: ‘Ha re rate ha eo a rena hodima rona.’


Empa dira tsena tsa ka, tse sa kang tsa rata ha ke rena hodima tsona, di tliseng kwano, le di bolaele kapela ka.”


Kannetenete, ke a le bolella, mohlanka ha a moholo ho monga hae, le moromuwa ha a moholo ho ya mo romileng.


Yaba Gideone o re ho bona: “Nke ke ka le busa, le yena mora wa ka a ke ke a le busa; Morena ke yena ya tla le busa.”


Empa kajeno lona le furaletse Modimo wa lona, e leng yena ya ileng a le pholosa bomadimabeng bohle ba lona, le matshwenyehong wohle a lona. Le itse ho yena: ‘Tjhe, re kgethele kgosi.’ Ka baka leo, itlhahiseng kapele ho Morena, ka merabe yohle ya lona, le ka malapa abo lona.”


Samuele a re ho Baiseraele bohle: “Bonang, ke mametse tsohle tseo le ileng la mpolella tsona. Ke le neile kgosi e tla le busa.


“Eitse ha le bona hore Nahashe, kgosi ya Baamone, o a le futuhela, la re ho nna: ‘Tjhe, re batla kgosi e tla re busa,’ empa Morena Modimo wa lona, e ne e le yena kgosi ya lona.


Morena a re ho Samuele: “Mamela dipolelo tsa sona, o se kgethele kgosi.” Samuele a re ho banna ba Iseraele: “Monna e mong le e mong a tsamaye, a kgutlele motseng wa habo.”


Ho ya ka diketso tsohle tsa sona, tseo se di entseng ho tloha mohla ke se ntshang Egepeta, ho fihlela kajeno, se ntahlile, sa sebeletsa medimo e meng; jwale le wena se o etsa jwalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos