Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 8:11 - BIBELE

11 A re ho sona: “Ona e tla ba mokgwa oo kgosi e tla le busa ka wona: Kgosi e tla nka bara ba lona, e ba kgethele ho ba bahlabani ba yona ba dikariki tsa ntwa le ba dipere, mme ba tla matha kapele ho dikariki tsa yona tsa ntwa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 A re: Ke wona mokgwa wa morena ya tla busa hodima lona: o tla nka bara ba lona, a ba bee makoloing a hae, a ba etse bapalami ba hae, ba bang ba mathe pela makoloi a hae.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 8:11
14 Referencias Cruzadas  

Kamora mona, Abosalome a iketsetsa kariki ya ntwa, a batla le dipere, le banna ba mashome a mahlano ba tla mo etella pele.


Adoniya, mora wa Hagite, a ipoledisa, a re: “Ho tla rena nna!” A iphumanela dikariki tsa ntwa, le bahlabani ba palamang, le banna ba ditaaso ba mashome a mahlano, ba mo etellang pele.


Solomone a bokella dikariki tsa ntwa, le bahlabani ba palamang. O ne a ena le dikariki tsa ntwa tse sekete le makgolo a mane, le bahlabani ba palamang ba dikete tse leshome le metso e mmedi. A ba bea metseng ya dikariki tsa ntwa le Jerusalema, ho kgosi.


Bahlankana bana bao a hotseng le bona ba mo araba, ba re: “Setjhaba sena se itseng ho wena: ‘Ntatao o ne a re imeditse ka mosebetsi; wena ako re imolle,’ o tle o se arabe tjena, o re: ‘Monwana wa ka o monyenyane o motenya ho feta letheka la ntate.


“Ntatao o ne a re imeditse ka mosebetsi. Ka baka lena, ako re imolle mosebetsi ona oo ntatao a ileng a re imetsa ka wona, mme re tla o sebeletsa.”


Sebakeng sa tsona kgosi Rehoboame a etsa dithebe tsa lethose, mme a di bea taolong ya balaodi ba balebedi ba neng ba lebela manyako wa ntlo ya kgosi.


Morena a matlafatsa Elia, a itlama letheka, a kgisa ka sekaja kapele ho Akabe, ho ya fihla Jesereele.


Samuele a hlalosetsa setjhaba ditokelo tsa kgosi, le mesebetsi ya yona, mme tsena tsohle a di ngola bukeng, a e bea kapele ho Morena. Samuele a qhala setjhaba sohle, motho e mong le e mong a ikela ha hae.


Ka nako yohle ya ho phela ha Saule ho ne ho ena le dintwa tse tshabehang pakeng tsa Saule le Bafilesita. Ha Saule a bona mohlabani ya matla, kapa ya sebete, o ne a ye a mo kenye mabothong a hae.


Yaba Saule o re ho bahlanka ba hae ba mo potapotileng: “Mamelang, lona Babenjamine! Na ebe mora eo wa Jese o tla nea e mong le e mong wa lona masimo le dirapa tsa morara? Na lona bohle o tla le etsa balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba makgolo,


Ka baka leo, mamela tseo se di buang. Empa o se eletse o se o tiile, e sa le pele, o se bolelle mokgwa oo kgosi e tla se busa ka wona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos