Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 8:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 A re: Ke wona mokgwa wa morena ya tla busa hodima lona: o tla nka bara ba lona, a ba bee makoloing a hae, a ba etse bapalami ba hae, ba bang ba mathe pela makoloi a hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 A re ho sona: “Ona e tla ba mokgwa oo kgosi e tla le busa ka wona: Kgosi e tla nka bara ba lona, e ba kgethele ho ba bahlabani ba yona ba dikariki tsa ntwa le ba dipere, mme ba tla matha kapele ho dikariki tsa yona tsa ntwa.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 8:11
14 Referencias Cruzadas  

Kamora tseo, Absalome a ipatlela koloi le dipere, le batho ba mashome a mahlano ba mathang ba mo eteletse pele.


Yaba Adonija, mora Haggithe, o ikgohomosa, a re: E tla ba nna morena. A ipatlela makoloi, le bapalami, le banna ba mashome a mahlano ba mathang pela hae.


Hape, Salomone a ipokellela makoloi le bakalli, e le makoloi a sekete se le seng se makgolo a mane, le bakalli ba kete tse leshome le metso e mmedi, ba abetsweng metseng ya makoloi le moreneng, Jerusalema.


Banna ba batjha, ba neng ba hodile le yena, ba mo araba, ba re: E re ho setjhaba sena se o boleletseng, sa re: Ntatao o re jarisitse joko e boima, wena, o e qephise; e re ho bona: Monwana wa ka o monyenyane o motenya ho letheka la ntate.


Ntatao o re jarisitse joko e boima; ha o ka qephisa tshebetso e thata ya ntatao le joko ya hae e boima, eo a re jarisitseng yona, re tla o sebeletsa.


Yaba morena Roboame o etsa dithebe tsa koporo bakeng sa tsona, a di neela balaodi ba dititimi tsa hae tse lebelang monyako wa ntlo ya morena.


Akabe a kena koloing, a ya Jisreele. Letsoho la Jehova la eba hodima Elia: a itlama letheka, a titima pela Akabe ho ya fihla kgorong ya Jisreele.


Samuele a tsebisa setjhaba mekgwa ya borena, a e ngola bukeng, a e bea pela Jehova. Ebile Samuele o kgutlisa setjhaba kaofela, a re: E mong le e mong a ye ha hae.


Ntwa e kgolo ya nna ya eba teng ya Saule le Bafilesta ka tshiu tsohle tsa hae. Mme Saule, enere ha a bona monna ya matla, leha e le monna ya bohale, o ne a inkela yena.


Saule a re ho bahlanka ba hae ba emeng pela hae: Oho, Babenjamine, utlwang hle! Ana le re, mora Jese o tla le nea bohle masimo le merara, kapa a le bee bohle balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo,


Jwale, mamela mantswe a bona; leha ho le jwalo, o ba nyatse, o ba tsebise mokgwa wa morena ya tla busa hodima bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos