Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 26:21 - BIBELE

21 Yaba Saule o re: “Ke entse sebe; kgutla Davida, mora wa ka; ha ke sa tla hlola ke o etsa letho, hobane ka letsatsi lena bophelo ba ka e bile ntho ya bohlokwa mahlong a hao. Ke a bona hore ke sebeditse ka bothoto, mme ke entse phoso e kgolo.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ebile Saule o re: Ke sitilwe; boya, Davida, mora ka, hobane ha ke sa tla hlola ke o etsa hampe, ka baka la hobane bophelo ba ka bo bile thata mahlong a hao kajeno lena; bona, ke entse ka bothoto, ke fositse haholoholo.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 26:21
16 Referencias Cruzadas  

Yaba kgosi e boela e roma molaodi wa boraro, wa ba mashome a mahlano. Molaodi enwa wa boraro a nyoloha, a fihla a kgumama kapele ho Elia, a mo rapela, a re: “Oho, moporofeta wa Modimo, ke a o rapela: Ako nqenehele, o qenehele le bahlanka bana ba hao ba mashome a mahlano.


Mollo o se o ile wa theoha lehodimong, wa fedisa balaodi ba babedi ba pele, mmoho le bahlabani ba bona ba mashome a mahlano sehlopheng ka seng; ka baka leo, ke a o kopa: Ako nqenehele.”


Lefu la batshepuwa ba hae ke ntho ya bohlokwa mahlong a Morena.


Ha ho motho ya ka lopollang ngwanabo, leha e le ho mo lefella ho Modimo.


O tla ba lopolla a be lopolle ho ba mamenemene, a ba lopolle le ho ba sehloho, madi a bona e tla ba a bohlokwa, e be a bohlokwa mahlong a hae.


Yaba Faro o romela batho ho bitsa Moshe le Arone, mme a re ho bona: “Ha e le kajeno ke sitilwe. Morena o lokile; nna le setjhaba sa ka ke rona ba kgopo.


Bileame a re ho lengeloi la Morena: “Ke sitilwe, hobane ke ne ke sa tsebe hore o nthibetse tsela. Haeba o nkgalefetse nka mpa ka kgutla.”


a re: “Ke sitilwe ka ho eka madi a se nang molato.” Empa ba re: “Hoo ho re ama kang? Ke tabeng ya hao!”


Yaba Samuele o re ho Saule: “O sebeditse ka bothoto. Ha o a ka wa boloka molao wa Morena Modimo wa hao, oo a o laetseng wona. Hoja o entse jwalo, Morena a ka be a hlomamisitse mmuso wa hao, hore e be wa kamehla yohle.


Saule a re ho Samuele: “Ke sitilwe, hobane ke tlotse taelo ya Morena, le ditaelo tsa hao ke di furaletse. Ke ile ka tshaba setjhaba, mme ka mamela lentswe la sona.


Yaba Saule o re: “Ke sitilwe! Leha ho le jwalo ke a o rapela: Ako ntlotle moo baholo ba setjhaba sa ka ba leng teng, le moo Baiseraele ba leng teng, mme o kgutle le nna, e le hore ke tle ke yo kgumamela Morena.”


Mahosana a Bafilesita a futuha, empa kamehla ha a ne a futuha, Davida o ne a a hlola ho feta balaodi bohle ba Saule, mme lebitso la hae la tuma haholo.


Jwale Saule a re ho Davida: “O lokile ho mpheta, hobane wena o nketseditse tse molemo, athe nna ke o putsitse ka tse mpe.


Davida a araba, a re: “Bona lerumo la kgosi! Romela e mong wa bahlankana a tlo le lata.


Jwalokaha kajeno ke ile ka o qenehela, le nna Morena a ke a nqenehele, a nnamolele matshwenyehong ana wohle.”


Ha Saule a utlwa hore Davida o balehetse Gate, a se ke a hlola a mmatla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos