Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 26:20 - BIBELE

20 Ka baka lena, o se ke wa etsa hore madi a ka a tsholohele naheng esele, hole le Morena, hobane kgosi ya Iseraele e tlilo batla letsetse jwalokaha motho a tsoma kgwale hara dithaba.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Jwale ke re: Madi a ka a se ke a wela fatshe hole le Jehova, hobane morena wa Iseraele o tswile ho batla letsetse, jwalokaha ho tsongwa mekopjwane dithabeng.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 26:20
9 Referencias Cruzadas  

“Ke tla romela batshwasi ba ditlhapi ba bangata,” ho rialo Morena, “mme ba tla ba tshwasa. Hamorao ke tla romela ditsomi tse ngata, mme di tla ba tsoma dithabeng tsohle, le maralleng wohle, le mafarung a mafika.


Ke phaladisitswe ke dira tsa ka ho se lebaka, tsa mphaladisa sa ha ho phaladiswa nonyana.


Yare a sa bua, Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a fihla a ena le letshwelehadi le tshwereng disabole le dikoto, le etswa ho baprista ba baholo le baholo ba setjhaba.


Ka yona nako eo Jesu a re ho matshwele: “Na ebe ke senokwane ha le tlile ho ntshwara ka disabole le dikoto tjee? Ke nnile ka ruta ka Tempeleng ka matsatsi wohle, empa ha le a ka la ntshwara.


O tataisa maoto a bahalaledi ba hae, athe ba kgopo ba tla timella lefifing, hobane motho ha a hlole ka matla a hae.


Hape ako bone, ntate: Bona qola ya seaparo sa hao ke ena ka letsohong la ka. Ke ile ka seha qola ya seaparo sa hao, empa ha ke a ka ka o bolaya. Bona he, o be o tsebe hore ha ke a o rerela bobe, kapa ho o fetohela. Ha ke a o sitelwa, empa wena o ntse o laletse hore o mpolaye.


“Ke mang eo kgosi ya Iseraele e tswileng bosele ka baka la hae? Ke mang eo e mo phaladisang? E phaladisa ntja e shweleng, kapa letsetse!


Ka baka leo, Morena e ke e be yena moahlodi, a ahlole pakeng tsa rona le wena. A ke a bone, a mpuelle, a nnamolele matsohong a hao.”


Ha motho a o sokela, a batla ho o bolaya, bophelo ba hao bo tla sireletswa ke Morena Modimo wa hao. Empa bophelo ba dira tsa hao bo tla lahlelwa hole, jwalokaha eka bo betswa ka letjeketjane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos