Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 23:6 - BIBELE

6 Ha Abiatare, mora wa Ahimeleke, a ne a balehela Keila ho Davida, o ne a ile a theoha a nkile setipe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Mohla Abiathare, mora Akimeleke, a balehelang ho Davida, o ne a tlile Keila, a ena le efoda.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 23:6
12 Referencias Cruzadas  

Kgosi ya re ho moprista Abiatare: “Eya Anatote, ha hao. O lokela ho bolawa, empa kajeno o ke ke wa bolawa, hobane o ne o jara areka ya Morena Modimo, o etella pele ntate, Davida, mme o jarisana ditsietsi tsohle le yena.”


“Ba tla etsa setipe ka lesela le nang le mmala wa kgauta, le ka le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene, le loehileng; se etswe ke setsebi.


Saule a re ho Ahiya: “Tlisa areka ya Modimo mona.” Ka letsatsi leo areka ya Modimo e ne e le teng hara bana ba Iseraele.


Ahiya, mora wa Ahitube, ngwanabo Ikabode, mora wa Finease ya tswalwang ke Eli, moprista wa Morena, wa Shilo, o ne a apere setipe. Banna ba ne ba sa tsebe hore Jonathane o se a tsamaile.


Empa Abiatare, e mong wa bara ba Ahimeleke, mora wa Ahitube, a phonyoha, mme a balehela ho Davida.


Yaba Davida o botsa Morena, o re: “Na nka futuhela Bafilesita baa?” Morena a re ho Davida: “Eya, o futuhele Bafilesita, mme o namolele motse wa Keila.”


Yaba Davida o ya Keila a ena le banna ba hae. A lwantsha Bafilesita, a hapa dikgomo tsa bona, mme a ba etsa mofela. Davida a namolela baahi ba Keila ka mokgwa ona.


Saule a tsebiswa hore Davida o fihlile Keila. Yaba Saule o re: “Modimo o neelane ka Davida matsohong a ka, hobane o ikentse lerabeng ka ho kena motseng o nang le dikgoro, le mekwallo.”


Davida o ne a tseba hore Saule o ntse a mo rera ka lekunutu; yaba o re ho moprista Abiatare: “Tlisa setipe seo kwano!”


Yaba Davida o re ho moprista Abiatare, mora wa Ahimeleke: “Ako ntlisetse setipe!” Kahoo Abiatare a tlisetsa Davida setipe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos