Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 23:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Mohla Abiathare, mora Akimeleke, a balehelang ho Davida, o ne a tlile Keila, a ena le efoda.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Ha Abiatare, mora wa Ahimeleke, a ne a balehela Keila ho Davida, o ne a ile a theoha a nkile setipe.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 23:6
12 Referencias Cruzadas  

Yaba morena o tsebisa moprista Abiathare, a re: Ikele Anathothe, masimong a hao, hobane o lokelwa ke ho shwa; empa kajeno, nke ke ka o bolaya, kahobane o kile wa jara areka ya Morena Jehova pela ntate Davida, le hobane o kile wa tubeha kahohle kamoo le ntate a ileng a tubeha kateng.


Ba etse efoda ka kgauta, le purepera, le sekarelata, le krimsone, le line e ntle e lohilweng, e be mosebetsi o etswang ka masene.


Saule a re ho Akia: Atametsa areka ya Modimo. Hobane areka ya Modimo e ne e le teng hara bana ba Iseraele mohlang oo.


Akia, mora Akitube, ngwanabo Ikabode, mora Finease, mora Eli, e ne e le moprista wa Jehova, Silo, a apere efoda. Mme setjhaba se ne se sa tsebe hobane Jonathane o ile.


E mong wa bara ba Akimeleke, mora Akitube, a phonyoha, lebitso la hae e le Abiathare; a balehela ho Davida.


Davida a botsa Jehova, a re: Na ke tla ya, ke hlole Bafilista bao na? Jehova a re ho Davida: Eya, o hlole Bafilesta, o namolele Keila.


Jwale, Davida le banna ba hae ba ya Keila, ba lwana le Bafilesta, ba hapa kgomo tsa bona, mme ba ba bolaya ka polao e kgolo. Davida a namolela ba ahileng Keila jwalo.


Saule ha a tsebiswa hobane Davida o ile Keila, Saule a re: Modimo o mo lahletse matsohong a ka, hobane o thibelletswe ha a kene motseng o nang le mamati le mekwallo.


Davida ha a utlwa hobane Saule o mo otsitse, a re ho moprista Abiathare: Tlisa efoda kwano.


Ebile Davida o re ho moprista Abiathare, mora Akimeleke: Ako atametse efoda pela ka. Abiathare a atametsa efoda pela Davida.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos