Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 22:20 - BIBELE

20 Empa Abiatare, e mong wa bara ba Ahimeleke, mora wa Ahitube, a phonyoha, mme a balehela ho Davida.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 E mong wa bara ba Akimeleke, mora Akitube, a phonyoha, lebitso la hae e le Abiathare; a balehela ho Davida.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 22:20
15 Referencias Cruzadas  

Sadoke le yena a tla, le Balevi bohle ba neng ba ena le yena, ba nkile areka ya selekane sa Modimo. Ba fihla ba bea areka ya Modimo fatshe, pela Abiatare, ho fihlela ha setjhaba sohle se felella ho tswa motseng.


Shefa ya eba mongodi wa puso, mme bo-Sadoke le Abiatare ya eba baprista.


A etsa mmomori le Joabe, mora wa Seruya, le moprista Abiatare, mme bao ba mo tlatsa.


Jwale Davida a bitsa baprista, e leng Sadoke le Abiatare; a bitsa le Balevi, e leng Uriele, le Asaya, le Joele, le Shemaya, le Eleele, le Aminadabe.


Sadoke, mora wa Ahitube, le Abimeleke, mora wa Abiatare, bona ya eba baprista, mme Shafesha yena ya eba mongodi wa puso.


Hanghang ha fihla sefefo se matla, se etswa lehwatateng. Sa diha dihuku tse nne tsa ntlo, ya buramela hodima bona, mme ba eshwa. Ke nna feela ya phonyohileng ho tla o tsebisa.”


Ahiya, mora wa Ahitube, ngwanabo Ikabode, mora wa Finease ya tswalwang ke Eli, moprista wa Morena, wa Shilo, o ne a apere setipe. Banna ba ne ba sa tsebe hore Jonathane o se a tsamaile.


Feela hase banna bohle ba lelapa la hao bao ke tla ba tlosa aletareng ya ka, ho o llisa, le ho o utlwisa bohloko, empa ditloholo tsohle tsa hao di tla shwa e sa le bahlankana.


Abiatare a bolella Davida hore Saule o bolaile baprista ba Morena.


Ha Abiatare, mora wa Ahimeleke, a ne a balehela Keila ho Davida, o ne a ile a theoha a nkile setipe.


Davida o ne a tseba hore Saule o ntse a mo rera ka lekunutu; yaba o re ho moprista Abiatare: “Tlisa setipe seo kwano!”


Yaba Davida o re ho moprista Abiatare, mora wa Ahimeleke: “Ako ntlisetse setipe!” Kahoo Abiatare a tlisetsa Davida setipe.


Monna wa Mobenjamine wa selahlamarungwana a baleha thekong ya ntwa, a ba a ya fihla Shilo ka lona letsatsi leo. Diaparo tsa hae di ne di tabohile, hlooho ya hae e tshetswe ka lerole.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos