Feela hase banna bohle ba lelapa la hao bao ke tla ba tlosa aletareng ya ka, ho o llisa, le ho o utlwisa bohloko, empa ditloholo tsohle tsa hao di tla shwa e sa le bahlankana.
Davida a re ho Abiatare: “Ka letsatsi leo Doege wa Moedomo a neng a le mona ka lona, ke ne ke tsebe hore o tla phetela Saule ditaba. Batho bohle ba lelapa la ntatao ba bolailwe ka baka la ka.