Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 22:14 - BIBELE

14 Ahimeleke a araba kgosi, a re: “Hara bahlanka ba hao ke mang ya tshepahalang jwaloka Davida, mokgwenyana wa kgosi, ya mamelang ditaelo tsa hao, eo e leng yena molaodi wa balebedi ba hao, ya bileng a hlomphuwang lapeng la hae?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Akimeleke a arabela morena, a re: Hleka ke mang ho bahlanka bohle ba hao ya kang Davida ka bokgabane? Ebile ke mokgwenyana wa morena, ya ntseng a tsamaya ka taelo ya hao, ya hlomphuwang ka tlung ya hao.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 22:14
13 Referencias Cruzadas  

Jwale banna ba Baiseraele ba re: “Na le bona monna eo ya nyolohelang kwano? Ruri o nyolohela ho tla tlaka Baiseraele. Kgosi e tla putsa monna ya ka mmolayang, e mo nee leruo le lengata. E tla mo nea le moradi wa yona, e be e ntshe lelapa labo monna eo lekgethong le tlamang Baiseraele.”


Ka baka leo, Saule a tlosa Davida ho yena, a mo etsa molaodi wa ba sekete. Davida o ne a futuha, a be a kgutle a ntse a eteletse bahlabani pele.


Davida a tsoha, a tsamaya le banna ba hae, a bolaya Bafilesita ba makgolo a mabedi. Davida a tlisa maeko a Bafilesita, a a nea kgosi, palo ya wona e feletse, hore e tle e be mokgwenyana wa kgosi. Jwale Saule a mo nea Mikale, moradi wa hae, hore e be mosadi wa hae.


Jonathane a araba ntatae Saule, a re ho yena: “O bolaelwang? O entseng?”


Davida a re ho moprista Ahimeleke: “Kgosi e ntaetse hore ke etse ho hong, mme ya re ho nna: ‘O se ke wa bolella motho seo ke o romileng sona, le seo ke o laetseng sona.’ Ke itse bahlanka ba ka ba yo kopana le nna sebakeng se seng.


Saule a re ho yena: “Ke ka baka lang ha wena le mora wa Jese, le ile la nthera? O ile wa mo fa dijo, wa mo nea le sabole; wa ba wa mmotsetsa ho Modimo, hore na a etse jwang, a tle a ntsohele matla, a ntalle jwalokaha kajeno a entse!”


Hape ako bone, ntate: Bona qola ya seaparo sa hao ke ena ka letsohong la ka. Ke ile ka seha qola ya seaparo sa hao, empa ha ke a ka ka o bolaya. Bona he, o be o tsebe hore ha ke a o rerela bobe, kapa ho o fetohela. Ha ke a o sitelwa, empa wena o ntse o laletse hore o mpolaye.


Ke a o rapela: Ako tshwarele lekgabunyane la hao ditshito tsa lona, hobane ruri Morena o tla hlomamisa lelapa la hao le tiye, ka baka la dintwa tsa Morena tseo o mo lwanetseng tsona. Ka matsatsi wohle a ho phela ha hao e se eka o ke ke wa hlahelwa ke bobe.


Morena o putsa bohle ba lokileng, ba tshepahalang. Kajeno lena Morena o ne a neelane ka wena matsohong a ka, empa ha ke a ka ka phahamisetsa motlotsuwa wa Morena letsoho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos