Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 22:15 - BIBELE

15 Na kajeno ke lekgetlo la pele ke mmotsetsang ho Modimo? Tjhe! O se ke wa bona mohlanka wa hao le bohle ba lelapa la ntatae ba le molato. Mohlanka wa hao ha a tsebe le letho ka taba ena!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Hleka ke qadile mohlang oo ho mmotsetsa Modimo na? Le hanyane! Morena a se ke a jarisa mohlanka wa hae, leha e le bohle ba ntlo ya ntate, taba e kalo; etswe mohlanka wa hao a ne a sa tsebe taba e nyenyane, leha e le e kgolo, ho tseo tsohle.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 22:15
10 Referencias Cruzadas  

Banna ba makgolo a mabedi ba tswang Jerusalema, ba neng ba memilwe, ba ikela tjee ba sa tsebe letho, ba tsamaya le Abosalome.


Seketswana sa tshelela mose ho Jorodane, ho ya lata ba lelapa la kgosi, le ho etsa seo kgosi e lakatsang ha se etswa. Hoba Shimei, mora wa Gera, a tshele Jorodane, a obamela kgosi,


a re ho yona: “Monga ka, o se ke wa ntadima ke le motho ya kgopo, mme o se ke wa hopola bobe boo mohlanka wa hao a neng a bo etse ka letsatsi leo monga ka, kgosi ya ka, a neng a tloha Jerusalema ka lona. Kgosi e se ke ya ntjara ka pelo.


Davida a botsa Morena, a re: “Na nka futuhela Bafilesita? Na o tla neelana ka bona matsohong a ka?” Morena a re ho Davida: “Futuha, hobane ke tla fela ke neelane ka Bafilesita matsohong a hao.”


Davida a boela a botsa Morena, mme Morena a re: “O se ke wa ba futuhela o ba tobile; o ba pote kamorao, o ba futuhele o se o hlaha pela difate tsa monokotshwai.


Seo re ithorisang ka sona ke sena: Letswalo la rona le re pakela hore mona lefatsheng re ile ra phedisana le batho, haholo le lona, re se na mano, re ena le nnete ya Modimo; e seng ka bohlale ba botho, empa ka mohau wa Modimo.


Kgosi ya re: “Ruri wena, Ahimeleke, le ba lelapa la ntatao, le tla bolawa!”


Ha Abikaele a fihla ho Nabale, a fumane ho nowa, e le mokete o kang wa kgosi. Nabale o ne a nyakaletse, hobane o ne a tahilwe haholo. Ka baka leo, Abikaele a se ke a mmolella letho ho fihlela ka le hlahlamang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos