Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 21:5 - BIBELE

5 Davida a araba moprista, a re ho yena: “E se e le matsatsi a mararo re sa kopane le basadi. Ha ke tloha hae, bahlanka ba ka ba ne ba ntse ba hlwekile, le hoja re ne re inketse leeto feela; kajeno ba tla hlweka le ka ho fetisisa, hobane ba tla ja bohobe bo halalelang.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Davida a araba moprista, a re ho yena: Kannete re timilwe basadi, e se e le ditshiu tse tharo, haesale ke tloha; le mmele ya bahlankana e hlwekile; le bohobe boo ke boo e leng bohobe feela ka mokgwa o mong, hobane kajeno ho kgethwa bo bong pitseng.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 21:5
10 Referencias Cruzadas  

Yaba Moshe o theohela ho batho a etswa thabeng, a hlwekisa setjhaba,


mme sa hlatswa diaparo tsa sona. Jwale Moshe a re ho sona: “Itokisetseng letsatsi la boraro, ho se be monna ya tla kena dikobong tsa mosadi.”


O tla bea bohobe bo halalelang tafoleng kamehla.”


Bohobe boo e tla ba ba Arone le bara ba hae; ba tla bo jella sebakeng se halalelang, hobane bo halalela ka ho fetisisa ho yena, kaha bo tswa dinyehelong tsa setjheso tsa Morena, e le molao wa mehla yohle.”


Ka serotong sa bohobe bo sa lomoswang, bo neng bo le kapele ho Morena, a nka kuku e le nngwe e sa lomoswang, le leqebekwane le le leng le dubilweng ka ole, le moqathane o le mong, a di bea hodima mafura, hodima serope sa letsoho le letona.


Empa Morena a re ho yena: “Eya, hobane monna eo ke mohlanka eo ke mo kgethileng ho tsebisa baditjhaba, le dikgosi, le bana ba Iseraele lebitso la ka.


Le se ke la timana, haese ka tumellano, ka nakwana, e le hore le iphe nako ya ho rapela. Kamora moo le boele le kopane, esere Satane a le leka ka baka la ho hloka boitshwaro ha lona.


Ho molemo ho hlokofaletswa ho etsa tse ntle, haeba e le thato ya Modimo, ho ena le ho hlokofaletswa ho etsa tse mpe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos