Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 21:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Davida a araba moprista, a re ho yena: Kannete re timilwe basadi, e se e le ditshiu tse tharo, haesale ke tloha; le mmele ya bahlankana e hlwekile; le bohobe boo ke boo e leng bohobe feela ka mokgwa o mong, hobane kajeno ho kgethwa bo bong pitseng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Davida a araba moprista, a re ho yena: “E se e le matsatsi a mararo re sa kopane le basadi. Ha ke tloha hae, bahlanka ba ka ba ne ba ntse ba hlwekile, le hoja re ne re inketse leeto feela; kajeno ba tla hlweka le ka ho fetisisa, hobane ba tla ja bohobe bo halalelang.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 21:5
10 Referencias Cruzadas  

Yaba Moshe o theoha thabeng, a ya ho setjhaba; a hlwekisa setjhaba, mme ba hlatswa diaparo tsa bona.


A re ho setjhaba: Itokisetseng letsatsi la boraro, mme le se ke la atamela basadi.


O tla bea mahobe a pontsha tafoleng a nne a be teng pela ka kamehla.


E tla ba a Aarone le a bara ba hae, ba tlang ho a ja nqalong e halalelang, hobane ho bona e tla ba ntho e halalelang haholo, ke karolo ya dinyehelo tse tjhesetswang Jehova ka mollo. Ke molao o sa feleng.


Serotong sa mahobe a se nang ditomoso, se neng se le pela Jehova, a nka senkgwa se sa lomoswang, le polokwe e dubilweng ka ole le leqebekwane, mme tseo a di bea hodima mafura le hodima letsoho le letona.


Empa Morena a re ho yena: Eya, hobane eo ke lefiso leo ke ikgethetseng lona, ho isa lebitso la ka ho baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele;


Le se ke la timana, haese ka tumellano, ka nako e itseng, le tle le ineele ho itima dijo le ho rapela; hamorao, le ke le boelane hammoho, Satane a tle a se ke a le leka ka takatso ya lona.


Hobane, ha ekaba ke thato ya Modimo hore le utlwiswe bohloko, ho ka fetisa hore le bo utlwe le ntse le etsa hantle, e seng hampe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos