Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 20:16 - BIBELE

16 Yaba Jonathane o etsa selekane le ba ntlo ya Davida, o re: “Morena a ke a iphetetse ho dira tsa Davida.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Yaba Jonathane o hlaba selekane le ntlo ya Davida, a re: Jehova a pheteletse Davida ho dira tsa hae.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 20:16
13 Referencias Cruzadas  

Ka lona tsatsi leo Modimo a etsa selekane le Aborame, a re: “Ditloholo tsa hao ke tla di nea naha ena, ho tloha nokaneng ya Egepeta ho isa Nokeng e Kgolo, e leng ya Euferatese;


Yaba kgosi e nka Aremoni le Mefiboshete, e leng bana ba babedi, bao Risepa, moradi wa Aya, a neng a ba tswalle Saule, le bara ba bahlano ba Mikale, moradi wa Saule, bao a neng a ba tswalle Adariele, mora wa Barasilai wa Mehola.


Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, a ba hlapanyetsa, a hlapanyetsa le bahlabani ba bona, a re: “Le se ke la tshaba ho sebeletsa Bakalatiya. Ahang naheng ena le sebeletse kgosi ya Babilona, mme le tla phela hamonate.


“Ha o etsetsa Morena Modimo wa hao kano, o se ke wa dieha ho e phethahatsa, hobane ruri Morena Modimo wa hao, o batla hore o e phethahatse; ho seng jwalo, e tla ba o entse sebe.


Haeba re ikgahetse aletare hore re tlohele ho latela Morena, kapa ho nyehella hodima yona ka nyehelo ya setjheso, kapa ka nyehelo ya dijo, kapa ho nyehella ho yona ka dinyehelo tsa teboho, Morena a re ahlole ka boyena.


Bo-Jonathane le Davida ba etsa selekane, hobane Jonathane o ne a rata Davida jwalokaha a ithata.


Jwale Jonathane a re ho Davida: “Tsamaya ka kgotso, hobane rona ba babedi re ikanne ka lebitso la Morena, ra re: ‘Morena o tla ba le rona ba babedi, a be a be le ditloholo tsa rona kamehla yohle!’ ”


ha e le moo lona bohle le ile la nthera, mme ha se ke ha eba le ya mong ya ntomang tsebe ha mora wa ka le mora wa Jese ba etsa selekane? Ha ho le ya mong wa lona ya nkutlwelang bohloko, kapa ya ntsebisang hore mora wa ka o fuduha mohlanka wa ka hore a ntalle, jwalokaha ho le jwalo kajeno.”


Bobedi ba bona ba etsa selekane kapele ho Morena; Davida a dula moo Horeshe, Jonathane yena a kgutlela ha hae.


Haeba letsatsi le ka tjhaba ke siile monna leha a le mong wa banna bohle ba hae, Modimo a nkotle jwaloka dira tsa Davida, le ho feta.”


“Jwale he, monga ka, Morena o o thibetse ho tsholla madi, le ho hlatsa bohale ba hao, ka ho iphetetsa ka letsoho la hao. Ka baka leo, ke hlapanya ka Modimo ya phelang, le ka wena, hore dira tsa hao, le ba o lakaletsang bobe ba tla ba jwaloka Nabale.


Bafilesita ba bea Saule le bara ba hae merebele, ba bolaya Jonathane, le Abinadabe, le Malekishuwa, bara ba Saule.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos