Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 20:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Yaba Jonathane o hlaba selekane le ntlo ya Davida, a re: Jehova a pheteletse Davida ho dira tsa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Yaba Jonathane o etsa selekane le ba ntlo ya Davida, o re: “Morena a ke a iphetetse ho dira tsa Davida.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 20:16
13 Referencias Cruzadas  

Ka letsatsi leo, Jehova a hlaba selekane le Abrame, a re: Ditloholo tsa hao ke di neile lefatshe lena, ho nka nokeng ya Egepeta ho isa nokeng e kgolo, noka ya Eufrate;


Jwale, morena a nka bara ba babedi ba Ritspa, moradi wa Aja, bao a ba tswaletseng Saule, Armoni le Mefiboshethe, le bara ba bahlano ba Merabe, moradi wa Saule, bao a ba tswaletseng Adriele, mora Barsillai wa Mehola;


Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, a ba anela, bona le batho ba bona, a re: Le se ke la tshaba ho ipea ho Bakalde, le mpe le ikahele lefatsheng, le ipee ho morena wa Babilona, le tle le iketle.


Etlere ha o itlamile ka kano ho Jehova, Modimo wa hao, o se ke wa dieha ho e phetha; hobane Jehova, Modimo wa hao, o tla e botsa ho wena, mme sebe se tla ba teng ha o ka dieha.


Ha re ikgahetse aletare, jwaloka eka re ya furalla Jehova leha e le ho hlaba ditjheso le dinyehelo hodima yona, leha e le ho hlaba mahlabelo a teboho hodima yona Jehova e be yena ya batlang taba ena ho rona!


Ebile Jonathane o hlaba selekane le Davida, hobane a ne a mo rata jwalokaha a ithata.


Jonathane a re ho Davida: eya ka kgotso; re hlapantse ba babedi ka lebitso la Jehova hore Jehova o tla ba mahareng a ka le wena, le mahareng a bana ba ka le bana ba hao ka ho sa feleng.


haele moo le dumellane kaofela ha lona ho nkwenehela, ho se le a mong ya ntsebisang hobane le mora ka o hlabile selekane le mora Jese, ho se le a mong wa lona ya nkutlwelang bohloko, leha e le ya ntsebisang hobane mora ka o ntsoseditse mohlanka wa ka ho ntalla, jwalokaha ho le jwale na?


Ebile bobedi ba bona ba etsa selekane pela Jehova; mme Davida a sala morung, Jonathane yena a kgutlela hae.


Modimo o etse dira tsa Davida ka hore le ka hore, ha nka siya letho leha le le leng la hae, kapa monna, ha bo esa.


Ha ho le jwalo, monghadi, ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, efela ke Jehova ya o thibetseng, hore o se tle ho tsholla madi, le ho iphetetsa ka letsoho la hao. Dira tsa hao, le ba batlelang monga ka bobe, ba be jwaloka Nabale.


Bafilista ba phallela Saule le bara ba hae ka matla, Bafilista ba ba ba bolaya Jonathane le Abinadabe le Malkishua, bara ba Saule.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos