Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 19:7 - BIBELE

7 Yaba Jonathane o bitsa Davida, o mmolella ditaba tsena tsohle. Jonathane a tlisa Davida ho Saule, mme Davida a boela a phela pela Saule jwaloka pele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ebile Jonathane o bitsa Davida, mme Jonathane a mo tsebisa taba tseo tsohle; Jonathane a ntoo tlisa Davida, pela Saule, mme a tla, a dula pela hae jwaloka pele.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 19:7
10 Referencias Cruzadas  

Jakobo a tadima sefahleho sa Labane, mme a bona hore ha se sa le jwaloka maoba le maobane.


Mehleng ya ha Saule e ne e le kgosi ya rona, e ne e le wena ya etellang Baiseraele pele ha ba futuha. Morena Modimo wa hao, a na a re ho wena: ‘O tla disa setjhaba sa ka sa Baiseraele, mme o tla ba kgosi ya setjhaba sa ka sa Baiseraele.’ ”


Jwale Moshe a re ho Morena: “Oho, Morena, ha ke na bokgeleke ba puo. Haesale o qala ho buisana le mohlanka wa hao maobane, ho fihlela kajeno, ke ntse ke se na bokgeleke, hobane ke lehwelea, ke a kokotletsa.”


Kgale setjhesetso se lokiseditswe kgosi, se batsi, se bile se tebile; jwang le dihotetso di entse pokella, ho phefumoloha ha Morena ho kang nokana ya sebabole, ho tla se hotetsa se laime malakabe.


Davida a fihla ho Saule, a ema kapele ho yena. Saule a mo rata haholo, mme ya eba yena mojari wa dihlomo tsa Saule.


Ka letsatsi le hlahlamang moya o ditshila, o tswang ho Modimo, wa theohela hodima Saule ka matla. Saule a halefa jwaloka lehlanya, a le ka tlung ya hae. Davida a letsa harepa ya hae jwalokaha a nne a etse ka matsatsi wohle, Saule yena a tshwere lerumo.


Ka baka leo, Saule a tlosa Davida ho yena, a mo etsa molaodi wa ba sekete. Davida o ne a futuha, a be a kgutle a ntse a eteletse bahlabani pele.


Ka lona letsatsi leo, Saule a nka Davida, a se ke a mo dumella ho hlola a kgutlela tlung ya ntatae.


Saule a mamela keletso ya Jonathane, mme a hlapanya, a re: “Ka Morena ya phelang, Davida ha a ka ke a bolawa.”


Ha boela ha qhoma ntwa. Davida a futuha, a lwantsha Bafilesita; a ba etsa mofela hoo ba bileng ba mmaleha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos