Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 19:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ebile Jonathane o bitsa Davida, mme Jonathane a mo tsebisa taba tseo tsohle; Jonathane a ntoo tlisa Davida, pela Saule, mme a tla, a dula pela hae jwaloka pele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Yaba Jonathane o bitsa Davida, o mmolella ditaba tsena tsohle. Jonathane a tlisa Davida ho Saule, mme Davida a boela a phela pela Saule jwaloka pele.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 19:7
10 Referencias Cruzadas  

Jakobo a lemoha sefahleho sa Labane, a bona hobane ha se sa le bakeng sa hae jwaloka pele.


Leha e le maoba le maobane, Saule ha e sa ntse e le morena wa rona, e be e le wena ya futuhisang Baiseraele, le ho ba orosetsa hae. Le Jehova, Modimo wa hao, o o boleletse, a re: O tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele, o be molaodi wa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Yaba Moshe o re ho Jehova: Oho Morena, ha ke monna ya buang habonolo, leha e le maobane, leha e le maoba, esita le jwale, haesale o bua le mohlanka wa hao; ke motho ya molomo o boima, le ya leleme le boima.


Hobane e se e le kgale Tofethe e lokisitswe, e lokiseditswe morena; e sekoti, e ahlamile; patsi e ngata le mollo di bokelletswe teng; phefumoloho ya Jehova, e kang noka ya sebabole, e tla di hotetsa.


Davida, ha a fihla ho Saule, a fihla a ema pela hae, mme Saule a mo rata haholo, a mmea lehlahana la hae.


Hosasane, moya o mobe o tswang ho Modimo wa tshwara Saule; a bua ka bohlanya a le ka tlung, mme Davida a letsa ka letsoho la hae, jwaloka mehla, Saule a tshwere lerumo letsohong la hae.


Saule a mo tlosa ho yena ke hona, a mmea molaodi wa sekete. Davida o ne a etswa, a boela a orohe pontsheng ya setjhaba.


Tsatsing lona leo, Saule a nka Davida, mme a se ke a hlola a mo dumella ho ya dula ha ntatae.


Saule a mamela lentswe la Jonathane; a ba a hlapanya, a re: Ka Jehova ya utlwang, ha a ka ke a bolawa.


Ntwa ya boela ya tsoha; Davida a futuha, a lwana le Bafilesta, a ba bolaya ka polao e kgolo, ba ba ba baleha pela hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos