Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 19:1 - BIBELE

1 Saule a bolella Jonathane, mora wa hae, le bahlanka ba hae bohle, hore ba bolaye Davida. Empa Jonathane, mora wa Saule, o ne a rata Davida haholo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ebile Saule o bua le Jonathane mora hae, le bahlanka ba hae bohle, hore ba bolaye Davida; Jonathane, mora Saule, o ne a mpa a rata Davida haholo.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 19:1
10 Referencias Cruzadas  

Ba mmona a sa le hole, mme yare a eso atamele ho bona ba rera ho mmolaya.


Yaba ba isa hlooho ya Ishe-Boshete ho Davida a le Heborone, mme ba re ho kgosi: “Bona hlooho ya Ishe-Boshete, mora wa sera sa hao Saule, ya neng a rata ho o bolaya. Kajeno Morena o pheteditse monga ka kgosi ho Saule le ho bana ba hae.”


Ha Davida a se a qetile ho bua le Saule, moya wa Jonathane wa kgomarelana le moya wa Davida, mme Jonathane a rata Davida jwalokaha a ithata.


Yaba Saule o re: “Le tle le bolelle Davida tjena: ‘Kgosi ha e batle bohadi, e ipatlela feela maeko a lekgolo a Bafilesita, hore kgosi e iphetetse ho dira tsa yona.’ ” Saule o ne a hopola hore hoo ho tla etsa hore Davida a bolawe ke Bafilesita.


Bo-Jonathane le Davida ba etsa selekane, hobane Jonathane o ne a rata Davida jwalokaha a ithata.


Saule a halefa haholo, a se ke a thabiswa ke puo ena, mme a re: “Ba re Davida o bolaile ba dikete tsa dikete, empa nna ba re ke bolaile ba dikete! Eba o sa saletswe ke eng, haese mmuso feela?”


Saule a honohela Davida ke hona, haesale ho tloha mohlang oo, ho ya ho ile.


Jonathane a bolella Davida, a re: “Saule, e leng ntate, o rata ho o bolaya. Ka baka leo, ke a o rapela: Hosasane o itlhokomele, o ipate moo ho seng motho ya tsebang.


Jwale Davida a baleha Naiote e Rama, a ya ho Jonathane, a fihla a re ho yena: “Ebe ke entseng? Bokgopo ba ka ke bofe? Ke sitetswe ntatao ka eng, ha e le moo a batla ho mpolaya tjee?”


Ka letsatsi la boraro bosiyo ba hao bo tla bonahala haholo; jwale o tle o ye sebakeng seo o neng o ipatile ho sona mohla monene, o ipate kamora qubu ya majwe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos