Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 18:30 - BIBELE

30 Mahosana a Bafilesita a futuha, empa kamehla ha a ne a futuha, Davida o ne a a hlola ho feta balaodi bohle ba Saule, mme lebitso la hae la tuma haholo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Enere ha marena a Bafilesta a futuha, mohla a futuhang, Davida o ne a etsa ka masene, ho fetisa bahlanka bohle ba Saule, bitso la hae la ba la tuma haholo.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 18:30
17 Referencias Cruzadas  

Ha selemo se thwasa, e leng nako eo dikgosi di yeng di futuhe ka yona, Davida a roma Joabe, a ena le balaodi ba hae, le bahlabani bohle ba Baiseraele. Ba timetsa Baamone, ba thibella Raba. Empa Davida yena o ne a setse Jerusalema.


Ke bile le wena hohle moo o nnileng wa ya teng, mme ke timeditse dira tsa hao tsohle. Ke tla tumisa lebitso la hao jwaloka mabitso a ba tumileng ba teng lefatsheng mona.


Yaba kgosi e boela e roma molaodi wa boraro, wa ba mashome a mahlano. Molaodi enwa wa boraro a nyoloha, a fihla a kgumama kapele ho Elia, a mo rapela, a re: “Oho, moporofeta wa Modimo, ke a o rapela: Ako nqenehele, o qenehele le bahlanka bana ba hao ba mashome a mahlano.


Lefu la batshepuwa ba hae ke ntho ya bohlokwa mahlong a Morena.


Ke hlalefile ho feta bohle ba nthutileng, hobane ke nahana ditemoso tsa hao.


Motho o babatswa ka baka la bohlale ba hae, empa ya pelo e kgopo yena o a nyediswa.


Ditabeng tsohle tsa bohlale le kutlwisiso, tseo kgosi e neng e ba botsa tsona, e ile ya fumana hore ba feta haleshome dinohe tsohle le balepi ba dinaledi ba teng kahara mmuso wohle wa yona.


hobane ke tla le nea mantswe le bohlale boo bahanyetsi bohle ba lona ba tla sitwa ho bo hanyetsa le ho bo lwantsha.


Hlokomelang metsamao ya lona haholo; le se be dithoto, le mpe le be ba bohlale,


Tloong ho eo e leng lejwe le phelang, le lahlilweng ke batho, empa le kgethilweng ke Modimo, e le la bohlokwa.


Ka baka leo, ho lona ba dumelang ke la bohlokwa, empa ho ba sa dumelang, ho thwe: “Lejwe le lahlilweng ke dihahi, le fetohileng lejwe la mantlha,


a nna a eketsa ho tshaba Davida. Ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, Saule a hloya Davida.


Hohle moo Saule a neng a roma Davida teng, o ne a atleha, hoo Saule a bileng a mo e etsa mookamedi wa bahlabani. Hona ha thabisa setjhaba sohle, le balaodi ba Saule ba mabotho.


Ha boela ha qhoma ntwa. Davida a futuha, a lwantsha Bafilesita; a ba etsa mofela hoo ba bileng ba mmaleha.


“Ka baka leo, Morena Modimo wa Iseraele, o re: ‘Ruri ke ne ke itse ntlo ya hao, le ntlo ya ntatao, e tsamaye kapele ho nna kamehla yohle.’ Empa jwale Morena o re: ‘Hoo ho ke ke ha hlola ho etsahala, hobane ke tla tlotla ba ntlotlang, empa ba nnyedisang ke tla ba nyedisa.


Yaba Saule o re: “Ke entse sebe; kgutla Davida, mora wa ka; ha ke sa tla hlola ke o etsa letho, hobane ka letsatsi lena bophelo ba ka e bile ntho ya bohlokwa mahlong a hao. Ke a bona hore ke sebeditse ka bothoto, mme ke entse phoso e kgolo.”


Jwalokaha kajeno ke ile ka o qenehela, le nna Morena a ke a nqenehele, a nnamolele matshwenyehong ana wohle.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos