Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 18:18 - BIBELE

18 Empa Davida a re ho Saule: “Nna ke mang? Hona leloko la ka, kapa lelapa leso, ke eng moo naheng ya Iseraele, hoo nka bang mokgwenyana wa kgosi?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Davida a re ho Saule: Nna ke mang, ke motho ya jwang, le moloko wa ntate Iseraele keng, hore ke etswe mokgwenyana wa morena?

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 18:18
9 Referencias Cruzadas  

Jwale kgosi Davida a kena ka tenteng, a dula kapele ho Morena, mme a re: “Oho, Morena Modimo, ekaba nna ke mang? Ekaba lelapa la ka ke eng, hoo o mphihlisitseng hole hakaale?


Ahimase, ya neng a nyetse moradi e mong wa Solomone, ya bitswang Basemate, a le naheng ya Nafthali.


Empa Moshe a re ho Modimo: “Nna ke mang, hoo nka yang ho Faro, ka ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta?”


Ho tshaba Morena ho ruta motho bohlale; ikokobetse pele, mme o tla tlotlwa.


Boikakaso bo etella timelo pele, boikokobetso bona bo tla pele ho tlotla.


Yaba nna ke re: “Oho, Morena Modimo, nna ha ke tsebe ho bua, hobane ke sa le ngwana.”


Ruthe a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho, a re ho Boase: “Ke ka baka lang ha o nkgauhetse, mme o nketse hloko, athe ke moditjhaba?”


Bahlanka ba kgosi ba tsebisa Davida ditaba tsena. Yaba Davida o re: “Le bona e le ntho e ka etsahalang, ya hore ke be mokgwenyana wa kgosi, empa ke le mofutsana ya sa hlompheheng?”


Saule a araba, a re: “Na nna ha ke wa morabe wa Benjamine, e leng o monyenyane haholo wa merabe ya Iseraele? Na lelapa leso hase lona le lenyenyane haholo la malapa a morabe wa Benjamine? Jwale ke ka baka lang ha o bua ntho e tjee ho nna?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos