Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 18:17 - BIBELE

17 Saule a re ho Davida: “Merabe, moradi wa ka wa matsibolo, ke enwa, ke o nea yena hore e be mosadi wa hao. Feela wena o be mohlabani wa ka ya sebete, o lwane dintwa tsa Morena.” Ka pelong ya hae Saule o ne a re: “A se ke a bolawa ke nna, a mpe a bolawe ke Bafilesita.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ebile Saule o re ho Davida: Bona Merabe, moradi wa ka e moholo, ke tla o nea yena, e be mosadi wa hao; feela, o ipee monna ya matla ho nna, o lwane dintwa tsa Jehova. Athe Saule o ne a re: Letsoho la ka le se ke la eba ho Davida, e mpe e be matsoho a Bafilista a bang ho yena.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 18:17
22 Referencias Cruzadas  

Lengolong moo Davida o ne a ngotse, a itse: “Bea Uriya kamoo ntwa e leng mahlomafubedu kateng, ebe lona le a tjhetjha, a tle a hlajwe, a shwe.”


Jwale ke ka baka lang o nyedisitseng lentswe la Morena, hore ebe o entse ntho e fahlang Morena? O bolaile Uriya wa Mohete ka sabole, wa inkela mosadi wa hae hore e be mosadi wa hao, monna wa hae o mmolaile ka sabole ya Baamone.


Ha areka ya Morena e kena Motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, a sheba ka fesetere, mme a bona kgosi Davida a ntse a tlala, a etsa menyakwe kapele ho Morena; a mo nyedisa ka pelong ya hae.


Re pholose Morena, batshepuwa ba fedile; botshepehi ha bo sa le yo ho bana ba batho.


Molekane wa ka o futuhetse metswalle ya hae, o robile selekane sa hae.


Moikaketsi o ikgakanya ka polelo tsa hae, empa pelong ya hae o emere thetso.


Leha a ka bua hamonate o se mo kgolwe, hobane bobe bo kgaphatseha pelong ya hae.


Leha lehloyo la hae le ka ikgakanya ka thetso, bokgopo ba hae bo tla taloleha mahlong a bohle.


Ke ka hona, Bukeng ya dintwa tsa Marena, ho thweng: “Wahebe e Sufa, le dikgohlwana tsa Arenone;


Moshe a re ho bona: “Haeba le ka etsa jwalokaha le bolela, la hlomella ntwa moo Morena a ntseng a bona,


Empa bahlanka ba hao ba tla tshelela mose, mohlabani e mong le e mong o tla hlomella ntwa moo Morena a ntseng a bona jwalokaha monga rona a boletse.”


a re ho bona: “Haeba bara ba Gade le bara ba Rubene, ba ka tshela Jorodane le lona, ho ya lwana moo Morena a ntseng a ba bona, mme ka bahlabani bohle ba bona ba hlometseng, yaba le hapa naha, le tle le ba nee naha ya Gileade, e be lefa la bona.


Dipaki e be tsona tse qalang ho mo tlepetsa ka majwe, ho ntano latela setjhaba. Le tlose bobe bona hara lona.


Bara ba Saule e ne e le Jonathane, le Jishefi, le Malekishuwa. Mabitso a baradi ba hae ba babedi e ne e le ana: Lebitso la wa matsibolo e ne e le Merabe, la e monyenyane e le Mikale.


Jwale banna ba Baiseraele ba re: “Na le bona monna eo ya nyolohelang kwano? Ruri o nyolohela ho tla tlaka Baiseraele. Kgosi e tla putsa monna ya ka mmolayang, e mo nee leruo le lengata. E tla mo nea le moradi wa yona, e be e ntshe lelapa labo monna eo lekgethong le tlamang Baiseraele.”


Mohlanka wa hao o se a ile a bolaya tau le bere. Mofilesita enwa wa leqai o tla shwa jwaloka e nngwe ya tsona, hobane o tlakile mabotho a Modimo ya phelang.”


Le letshwele lena lohle le tle le tsebe hore Morena ha a pholose ka sabole le lerumo feela, hobane ntwa ena ke ya Morena, mme o tla neelana ka lona matsohong a rona.”


Saule a re: “Ke tla mo nea Mikale, hore e tle e be leraba ho yena, Bafilesita ba tle ba mmolaye.” Saule a re ho Davida: “Kajeno lena, o tla ba mokgwenyana wa ka, ka baka la moradi wa ka wa bobedi.”


Yaba Saule o re: “Le tle le bolelle Davida tjena: ‘Kgosi ha e batle bohadi, e ipatlela feela maeko a lekgolo a Bafilesita, hore kgosi e iphetetse ho dira tsa yona.’ ” Saule o ne a hopola hore hoo ho tla etsa hore Davida a bolawe ke Bafilesita.


Davida a tsoha, a tsamaya le banna ba hae, a bolaya Bafilesita ba makgolo a mabedi. Davida a tlisa maeko a Bafilesita, a a nea kgosi, palo ya wona e feletse, hore e tle e be mokgwenyana wa kgosi. Jwale Saule a mo nea Mikale, moradi wa hae, hore e be mosadi wa hae.


Ke a o rapela: Ako tshwarele lekgabunyane la hao ditshito tsa lona, hobane ruri Morena o tla hlomamisa lelapa la hao le tiye, ka baka la dintwa tsa Morena tseo o mo lwanetseng tsona. Ka matsatsi wohle a ho phela ha hao e se eka o ke ke wa hlahelwa ke bobe.


Ha Davida a fihla Sikelage, a romela kgapo e nngwe ho baholo ba Juda, e leng metswalle ya hae, a re: “Mpho ya lona, ya tse hapilweng ho dira tsa Morena, ke eo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos